Eksoda 34:7 - BIBELE7 ya hauhelang ba diketekete ka ho ba tshwarela bokgopo ba bona, le ditlolo tsa bona, le dibe tsa bona, empa ya ke keng a tlohela ho otla ba molato; ya otlang bana, le ditloholo, ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 o hauhelang meloko e dikete, o tshwarelang motho bokgopo le boikgantsho le sebe, o sa latoleng molato wa motho ya nang le wona, o otlang bana le ditloholo ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo ba bontata bona. Ver Capítulo |
“Jwale, ka baka lena, wena Modimo wa rona, Modimo e moholo, ya matla, Ramatshabeho, ya bolokang selekane sa hae, ya hauhelang, tsietsi tsohle tse re hlahetseng o se ka di bebola: Tse hlahetseng kgosi tsa rona le mahosana a rona, baprista ba rona le baporofeta ba rona, bo-ntata rona le tjhaba sena sa hao sohle, ho tloha mehleng ya dikgosi tsa Asure, ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno!