Eksoda 34:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)7 o hauhelang meloko e dikete, o tshwarelang motho bokgopo le boikgantsho le sebe, o sa latoleng molato wa motho ya nang le wona, o otlang bana le ditloholo ho isa lelokong la boraro le la bone ka baka la bokgopo ba bontata bona. Ver CapítuloBIBELE7 ya hauhelang ba diketekete ka ho ba tshwarela bokgopo ba bona, le ditlolo tsa bona, le dibe tsa bona, empa ya ke keng a tlohela ho otla ba molato; ya otlang bana, le ditloholo, ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone.” Ver Capítulo |
Mme jwale, Modimo wa rona, Modimo o moholo, o matla, o tshabehang, o bolokang selekane le mohau; o se ke wa re, a manyenyane mahlomola ao a re hlahetseng, rona le marena a rona, le dihlooho tsa rona, le baprista ba rona, le baporofeta ba rona, le bontata rona, le setjhaba sa hao kaofela, haesale mehleng ya marena a Assiria ho tla fihla tsatsing la kajeno.