8 Moshe a inamela fatshe ka potlako, a kgumamela Morena.
8 Moshe a phakisa a inamela fatshe, a kgumama,
Yaba Aborame o itihela fatshe ka sefahleho, mme Modimo a bua le yena, a re:
Yaba Josefa o ba tlosa mangweleng a ntatae, o itihela fatshe ka sefahleho.
Jwale Jehoshafate a obamela fatshe ka sefahleho. Baahi bohle ba naha ya Juda le baahi bohle ba Jerusalema, ba itihela fatshe kapele ho Morena, ba mo kgumamela.
Setjhaba sa kgolwa, mme ha se utlwa hore Morena o ne a etetse bana ba Iseraele, le hore o bone matshwenyeho a sona, sa inamisa dihlooho, sa rapela.
‘Jwalokaha ke ne ke le tshepise mohla le tswang Egepeta, ke ntse ke ena le lona ka moya, le se tshabe letho.’