Eksoda 34:6 - BIBELE6 Yaba Morena o feta kapele ho yena, mme a howa, a re: “Ke nna Morena! Ke nna Morena! Modimo ya nang le kutlwelobohloko, ya mosa, ya diehang ho halefa, ya nang le mohau o moholo le botshepehi; Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)6 Jehova a feta pela hae, a re: Ke nna Jehova, Jehova, Modimo o mohau, o lereko, o diehang ho halefa, o tletseng mohau le nnete, Ver Capítulo |
Lentswe la re: “Tsamaya, o yo ema hodima thaba, kapele ho Morena.” Yaba Morena o a feta. Moya wa sefefo se matla, o eteletseng Morena pele, wa heletsa dithaba, wa kgepholaka mafika, empa Morena o ne a le siyo kahara moya oo. Hoba moya oo o fete, ha eba le tshisinyeho ya lefatshe, empa Morena o ne a le siyo kahara tshisinyeho eo.
Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla.