Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:11 - BIBELE

11 Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Jehova o roma Jerubbaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, la ba la aha ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:11
13 Referencias Cruzadas  

Empa Morena a fa Baiseraele mopholosi, mme ba tswa tlasa puso ya Baarame. Bana ba Iseraele ba boela ba iphelela malapeng a bona jwaloka pele.


Mora wa Ulame e ne e le Bedane. Bana e ne e le bona ditloholo tsa Gileade, mora wa Makiri, setloholo sa Manase.


A roma maqosa ho ya bitsa Barake, mora wa Abinoame, ya tswang Kedeshe e Nafthali, mme Debora a re ho yena: “Morena Modimo wa Iseraele, o o laetse, a re: ‘Tsamaya, o lebe thabeng ya Tabore, o ye le bana ba dikete tse leshome ba tswang hara bana ba Nafthali le hara bana ba Sebulone.


Morena a retelehela ho yena, a re: “Eya ka matla ana a hao, o namolele bana ba Iseraele matsohong a Bamidiane. Na ha ke a o roma?”


Jowashe a re ho bohle ba neng ba eme pela hae: “Na le rata ho buella Baale? Kapa le rata ho mo sireletsa? Mang kapa mang ya mmuellang o tla bolawa bo eso ka bo esa. Haeba Baale e le Modimo ha a ke a ipuelle, hobane motho e mong o heleditse aletare ya hae.”


Ke ka baka leo Gideone a ileng a rewa lebitso la Jerubaale ka lona letsatsi leo, e leng ho re: “Baale a ke a ipuelle,” hobane Gideone o heleditse aletare ya hae.


Jerubaale, e leng Gideone, le setjhaba sohle sa hae, ba tsoha e sa le hoseng, ba hloma pela sediba sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane di ne le ka leboya ho bona, ka kgohlong, pela leralla la More.


Jerubaale, e leng Gideone, mora wa Jowashe, a boela ha hae, a dula teng.


Lelapa la Jerubaale, e leng Gideone, ba se ke ba hlola ba le bontsha teboho ya letho, bakeng sa molemo wohle oo Gideone a ileng a o etsetsa Baiseraele.


Ho tloha Dane ho ya fihla Beeresheba, Baiseraele bohle ba tseba hore Samuele o beilwe hore e be moporofeta wa Morena.


Bafilesita ba hlolwa, mme ba se ke ba hlola ba kena naheng ya Baiseraele. Morena a lwantsha Bafilesita ka matsatsi wohle a ho phela ha Samuele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos