Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:12 - BIBELE

12 “Eitse ha le bona hore Nahashe, kgosi ya Baamone, o a le futuhela, la re ho nna: ‘Tjhe, re batla kgosi e tla re busa,’ empa Morena Modimo wa lona, e ne e le yena kgosi ya lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Le mohla le boneng Nahashe, morena wa bana ba Ammone, a etla a hlometse, la re ho nna: Tjhe, e ka kgona re buswe ke morena; athe Jehova, Modimo wa lona, e ne e le yena morena wa lona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:12
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla tiisa selekane sa ka le wena, le ditloholo tsa hao, ka ho hlahlamana ha meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng; ke be Modimo wa hao le wa ditloholo tsa hao.


Athe Modimo, o kgosi ya ka ho tloha mehleng ya kgale, wena mohlodi wa topollo lefatsheng.


Morena ke yena moahlodi wa rona, Morena ke yena ya re beelang molao, Morena ke yena kgosi ya rona, Morena ke yena ya tla re pholosa.


Eitse ha Bajuda bohle ba neng ba le naheng ya Moabe, le ba phelang hara Baamone le Edomo, le ba neng ba phela dinaheng tse ding tsohle, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e siile masalla a Juda, le hore e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be mmusi wa bona,


E kae kgosi ya hao e ke e o namolele, e o sireletse metseng yohle ya hao? Babusi bohle ba metse ya hao ba kae, bona bao o ne o bue ka bona, wa re: ‘Ako mphe kgosi, o be o mphe le mahosana’?


“Ho ho phoso eo a e boneng ho Jakobo, ha ho bokgopo boo a bo boneng ho Iseraele. Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba a mo thoholetsa, ba re ke kgosi ya bona.


Yaba Gideone o re ho bona: “Nke ke ka le busa, le yena mora wa ka a ke ke a le busa; Morena ke yena ya tla le busa.”


Empa kajeno lona le tsohetse lelapa la ntate matla. Le bolaetse bara ba hae, e leng banna ba mashome a supileng, hodima lejwe le le leng, mme Abimeleke, mora wa lekgabunyane la hae, le mo entse kgosi ya banna ba Shekeme, hobane ke ngwanabo lona.


Empa kajeno lona le furaletse Modimo wa lona, e leng yena ya ileng a le pholosa bomadimabeng bohle ba lona, le matshwenyehong wohle a lona. Le itse ho yena: ‘Tjhe, re kgethele kgosi.’ Ka baka leo, itlhahiseng kapele ho Morena, ka merabe yohle ya lona, le ka malapa abo lona.”


Bara ba hae ba se ke ba latela mehlala ya hae, ba kgeloha, ba batla maruo ka bolotsana; ba amohela tjotjo, ba sokamisa toka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos