Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Yaba Jehova o roma Jerubbaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, la ba la aha ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Morena a roma bo-Jerubaale, le Bedane, le Jafeta, le Samuele, mme a le namolela matsohong a dira tsa lona kahohle, yaba le phela ka kgotso.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:11
13 Referencias Cruzadas  

Jehova a nea Iseraele monamodi, ba namolelwa matsohong a Basiria, mme bana ba Iseraele ba boela ba aha ditenteng tsa bona jwaloka pele.


Mora wa Ulame ke Bedane. Bao ke bara ba Gileade, mora Makire, mora Manasse.


Debora a romela ho bitsa Barake, mora Abinoame, wa Kedeshe-Nefthali, a re ho yena: Ha ke re, Jehova, Modimo wa Iseraele, o laetse taba ena? Eya, o hlwe thaba ya Thabore, o nke banna ba kete tse leshome ba bana ba Nefthali le ba bana ba Sabulone.


Yaba Jehova o retelehela ho yena, a re: Eya ka matla ana a hao, o namolele Baiseraele matsohong a Bamidiane. Ha ke re, ke o romile na?


Joase a fetola batho kaofela ba tlileng ho yena, a re: Hleka ke lona le tla tsekela Baale na? Na ke lona le tla mo pholosa na? Ya tla mo tsekela o tla shwa e eso ho be hosasa. Ha Baale e le modimo, a itsekele e le yena, ha aletare ya hae e heleditswe.


Tsatsing lona leo, Gideone a rewa lebitso la Jerubbaale (Baale a ke a tseke), ha thwe: Baale a ke a mo tsekise, ha a heleditse aletare ya hae.


Yaba Jerubbaale, e leng Gideone, o tsoha e sa le hosasa, a ena le setjhaba sohle seo a nang le sona, mme ba emisa sedibeng sa Harode. Diahelo tsa Bamidiane tsona di ne di le ka nqa leboya ho Gideone, pela lerallana la More, lehwatateng.


Jerubbaale, mora Joase, a ya dula tlung ya hae.


Hape, ha ba ka ba etsetsa ntlo ya Jerubbaale, e leng Gideone, teboho e lekaneng le ntho tsohle tse molemo tseo a di etseditseng Iseraele.


Baiseraele bohle, ho qala ka Dane, ho isa Beerseba, ba tseba hobane Samuele o beilwe moporofeta wa Jehova.


Kahoo, Bafilesta ba kokobetswa, ba se ke ba hlola ba etla naheng ya Iseraele, mme letsoho la Jehova la eba boima hodima Bafilesta ka ditshiu tsohle tsa Samuele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos