Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:10 - BIBELE

10 Ba ipiletsa ho Morena, ba re: ‘Re sitilwe, hobane re furaletse Morena. Re sebeleditse bo-Baale, le bo-Asetarote. Empa jwale ako re namolele matsohong a dira tsa rona, mme re tla o sebeletsa.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ba hoeletsa ho Jehova, ba re: Re sitilwe, hobane re lahlile Jehova, ra ya, ra sebeletsa boBaale le Diashtarothe; jwale, re namolele matsohong a dira tsa rona, re tle re o sebeletse.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:10
18 Referencias Cruzadas  

Jwale a tadima ho tshwenyeha ha bona, ha a utlwa sello sa bona.


Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.


Morena ke yena moahlodi wa rona, Morena ke yena ya re beelang molao, Morena ke yena kgosi ya rona, Morena ke yena ya tla re pholosa.


Le karolo e nngwe ya Gileade, le Ashetarote, le Ederei, e leng metse ya naha ya Oge e Bashane. Ena e ne e le ya bana ba Makiri, mora wa Manase, le ya karolo e nngwe ya bana ba Makiri, ho ya ka malapa abo bona.


Jwale bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, ba re: “Re o sitetswe, hobane re furaletse Modimo wa rona, re sebeleditse bo-Baale.”


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba sebeletsa bo-Baale.


Ba furalla Morena, ba sebeletsa bo-Baale le Asetarote.


Empa ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi. Ke Ehude, mora wa Gera wa Mobenjamine, monna ya leqele. Bana ba Iseraele ba mo roma ho isetsa Egelone, kgosi ya Moabe, nyehelo.


Bana ba Iseraele ba sitelwa Morena, ba lebala Morena Modimo wa bona, ba sebeletsa bo-Baale le ditshwantsho tsa Ashera.


Ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, Morena a ba hlahisetsa mopholosi ya ileng a ba namolela. Ke Oteniele, mora wa Kenase, moena wa Kalebe.


Bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, hobane Jabine o ne a ena le dikariki tsa ntwa tse makgolo a robong, tse entsweng ka tshepe. A hatella bana ba Iseraele habohloko ka dilemo tse mashome a mabedi.


Yare ha bana ba Iseraele ba ipiletsa ho Morena, ka baka la Bamidiane,


Ho tloha mohla areka e kgutlelang Kiriate-Jearime ya dula teng nako e telele, ka dilemo tse mashome a mabedi. Bohle ba ntlo ya Iseraele ba labalabela ho sebeletsa Morena.


Ba kopanela Misepa, ba kga metsi, ba a qhalla kapele ho Morena, ba itima dijo ka letsatsi leo, ba re: “Re sitetswe Morena!” Samuele a qala ho ba moahlodi wa bana ba Iseraele ha ba le Misepa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos