Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 12:9 - BIBELE

9 “Empa ba ile ba lebala Morena Modimo wa bona. Morena a neelana ka bona matsohong a Sisera, e leng molaodi wa mabotho a Hasore. A neelana ka bona le matsohong a Bafilesita, le matsohong a kgosi ya Moabe, mme bao ba ba lwantsha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Baiseraele ba mpa ba lebala Jehova, Modimo wa bona, mme a ba neela matsohong a Sisera, molaodi wa makgotla a Hatsore, le matsohong a Bafilesta, le matsohong a morena wa Moabe, ba lwantshwa ke bona.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 12:9
15 Referencias Cruzadas  

ha ke tla be ke kgethele setjhaba seo sa ka sa Baiseraele baahlodi. Ke tla o phomotsa ho dira tsa hao tsohle. Morena o o boleletse hore o tla hodisa lelapa la hao.


Ba lebala Modimo, mopholosi wa bona, ya entseng tse kgolo Egepeta,


Empa ba fetohela Morena, Moya o Halalelang ba o swabisa, ka baka leo, yena a fetoha sera sa bona, a ba lwantsha e le yena ka seqo;


Na morwetsana a ka lebala mekgabiso ya hae, monyaduwa a lebala aparo tsa hae? Empa tjhaba sa ka sona se ntebetse, se ntebetse ka ditshiu di se na palo!


Ha le a tsotella Fika le le emotse, le lebetse Modimo, Mmopi wa lona.


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


Kgalefo ya Morena ya tlokomela Baiseraele, a neelana ka bona matsohong a Bafilesita, le matsohong a Baamone.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a neelana ka bona matsohong a Bafilesita ka dilemo tse mashome a mane.


Bohale ba Morena ba tlokomela Baiseraele. A neelana ka bona matsohong a dinokwane, mme tsa ba senyetsa. A neelana ka bona matsohong a dira tsa bona tse ba potapotileng, hoo ba neng ba ke ke ba hlola ba ema kapele ho dira tseo tsa bona.


Bana ba Iseraele ba boela ba sitelwa Morena. Morena a matlafatsa Egelone, kgosi ya Moabe, hore a hlole Baiseraele, hobane ba ne ba sitetswe Morena.


Kamora Ehude moahlodi ya eba Shamegare, mora wa Anate, ya neng a bolaye Bafilesita ba makgolo a tsheletseng ka tsenene e potlakisang dipholo, mme le yena a namolela Baiseraele.


Morena a neelana ka bona matsohong a Jabine, kgosi ya Kanana, e neng e busa Hasore. Molaodi wa mabotho a hae e ne e le Sisera, ya neng a ahile Haroshete ya Baditjhaba.


Empa haeba le sa mamele lentswe la Morena, le fetohela melao ya Morena, o tla le lwantsha, jwalokaha a lwantshitse bo-ntata lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos