Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:40 - Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

40 Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:40
16 Referencias Cruzadas  

Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.


Ntlo ya Aarone, o itshepele Jehova: Ke yena thuso ya bona le thebe ya bona.


haele kamore e tadimileng nqa leboya ke ya baprista ba lebelang dintho tsa aletare. Ke bara ba Tsadoke, e leng bao hara bara ba Levi ba atamelang Jehova ho etsa tshebeletso ya hae.


O tla nea baprista ba Balevi, bao e leng ba lesika la Tsadoke, ba atamelang pela ka, pohwana ho e etsa sehlabelo sa sebe: ho rialo Jehova.


Ha ho moditjhaba ya tlang ho ja dintho tse halalelang; esita le moeti wa moprista, leha e le mohlanka wa hae ya lefjwang, ba ke ke ba eja dintho tse kgethehileng.


Etlere ha tabernakele e tloha, Balevi ba e thakgolle, mme etlere ha tabernakele e ema, Balevi ba e hlome; empa moditjhaba ya e atamelang, o tla bolawa.


Yaba moprista Eleasare o nka dipitsa tsa koporo, tseo banna bao ba tjhesitsweng ba neng ba di hlahisitse, mme tsa etswa makapa a diphara a ho kwahela aletare.


O ngole Aarone le bara ba hae, ba tle ba phethe mosebetsi wa boprista ba bona; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Ba neng ba hloma ka nqa kapele ho tabernakele, ka nqa botjhabela, pela tente ya pokano, ka nqa botjhabatsatsi, e ne e le Moshe, le Aarone, ka bara ba hae, e leng bona ba baballelang bana ba Iseraele dintho tsa sehalalelo; moditjhaba ya tlang ho atamela, o tla bolawa.


Hape, ha ho motho ya ka inkelang kabelo eo e hlomphehang, haese ya e bileditsweng ke Modimo, jwaloka Aarone.


le no re ho bona: Ke hobane metsi a Jordane a ne a kgaolwe pela areka ya selekane sa Jehova; mohla e tshelang Jordane, metsi a Jordane a kgaolwa; mme majwe ana ke kgopotso ya kamehlamehla ho bana ba Iseraele.


Ho madimabe bona, kahobane ba tsamaile ka tsela ya Kaine, mme ba kgelohile ke ho thetswa ke moputso jwaloka Balaame, mme ba timetse ka kganyetso e jwaloka ya Kore.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos