Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:40 - BIBELE

40 Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

40 Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:40
16 Referencias Cruzadas  

Bana ba ile ba batla buka ya leloko la bona, hara tse ding tsa maloko, empa ba se ke ba e fumana; ka baka leo, ba ntshwa tshebeletsong ya boprista, hobane ho ne ho thwe ha ba a hlweka.


Lona ba ntlo ya Arone, tshepang Morena: Ke yena thuso le thebe ya lona.


athe kamore e shebileng leboya yona ke ya baprista ba sebeletsang aletareng. Bona ke Balevi, ditloholo tsa Sadoke, bao e leng bona feela ba ka atamelang pela Morena ho mo sebeletsa.”


O tla nyehela ka pohwana bakeng sa sebe, o e nee baprista, e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba atamelang ho tla sebeletsa kapele ho nna, ho rialo Morena Modimo.


“ ‘Moditjhaba ofe kapa ofe a se ke a ja dintho tse halalelang; le moeti ya fihletseng ha moprista, kapa mohiruwa, a se ke a ja dintho tse halalelang.


Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.


Moprista Eleasare a nka dipane tse entsweng ka lethose, tseo e neng e le nyehelo ya ba tjhesitsweng, tsa thulellwa mmoho ho etsa sekwahelo sa aletare.


Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.”


Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.


Ha ho ya ka inkelang tlotla eo, hobane motho o bitswa ke Modimo, jwaloka Arone.


le tla re ho bona: ‘A bolela hore metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, kapele ho areka ya selekane sa Morena. Ha areka e tshela Jorodane, metsi a Jorodane a ne a parohe ka lehare, mme majwe ana e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele kamehla yohle.’ ”


Ba madimabe hakaakang! Ba latetse tsela ya Kaine. Ba itihetse phosong ya Bileame ka baka la ho ipatlela moputso. Ba timetse ka baka la ho hanyetsa jwaloka Kora.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos