Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Yaba moprista Eleasare o nka dipitsa tsa koporo, tseo banna bao ba tjhesitsweng ba neng ba di hlahisitse, mme tsa etswa makapa a diphara a ho kwahela aletare.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 Moprista Eleasare a nka dipane tse entsweng ka lethose, tseo e neng e le nyehelo ya ba tjhesitsweng, tsa thulellwa mmoho ho etsa sekwahelo sa aletare.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:39
5 Referencias Cruzadas  

Haele Nadabe le Abihu, bona ba ne ba shwe, ntata bona a sa le teng, ba se na bara; ka baka leo, Eleasare le Ithamare ba tshwara mosebetsi wa boprista.


ba hanela morena Osiase, ba re ho yena: Ha o na tokelo, Osiase, ya ho tjhesetsa Jehova dibano; ke ya baprista, bara ba Aarone, ba kgethetsweng ho di tjhesa. Tswa sehalalelong, hobane o sitilwe, mme ka hona o ke ke wa bona sebaka sa boithoriso ho Jehova Modimo.


Bano ba kile ba batla mangolo a mabitso a bona mangolong a masika, ba mpa ba se ke ba a fumana; ba balwa ke hona e le ba sa hlwekang, mme ba ntshwa bopristeng.


Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos