Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:38 - Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

38 Dipane tsa banna bao ba ileng ba sitelwa bophelo ba bona di thulellwe, ho etswe dipoleiti tse tla kwahela aletare, kaha ba ile ba nyehela ka tsona kapele ho Morena. Ka baka leo, di ile tsa halalela. Tsena e tla ba sesupo ho bana ba Iseraele.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:38
14 Referencias Cruzadas  

Yaba morena Salomone o hlapanya ka Jehova, a re: Modimo o nketse ka hore le ka hore, ha Adonija a sa lefe ka bophelo ba hae taba eo a e boletseng.


athe bona ba lalla madi a bona, ba tjheha ho phela ha bona.


Bohale ba morena bo tshabeha jwaloka tau ha e puruma; ya mo halefisang o itshitelwa moya wa hae.


Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu.


Mme jwale, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le etseditseng meya ya lona hampe hakakalo, hore ho be ho kgaolwe ka baka la lona monna le mosadi, ngwana le lesea mahareng a Juda, hore ho se ke ha sala masala a lona?


Ke tla tonela motho eo mahlo, ke be ke mo timeletse, ke mo etse pontsho le polelo, ke mo kgaole setjhabeng sa ka, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


O reretse ntlo ya hao dihlong, ka ho rera ho timeletsa ditjhaba tse ngata, o sitetswe moya wa hao.


Bolella Eleasare, mora wa moprista Aarone, hore a bokelle dipitsa tsa dibano moo ho tjheleng, mollo wa tsona o lahlelwe hole; hobane ke ntho tse halaleditsweng.


Yaba moprista Eleasare o nka dipitsa tsa koporo, tseo banna bao ba tjhesitsweng ba neng ba di hlahisitse, mme tsa etswa makapa a diphara a ho kwahela aletare.


Ke kgopotso ho bana ba Iseraele, hore ho se ke ha eba motho osele, eo e seng wa mofuta wa Aarone, ya atamelang ho hlahisetsa Jehova dibano, esere a tshwana le Kore le letshwele la hae; ha etswa jwalo kamoo Jehova a neng a laetse Moshe kateng.


Jehova a re ho Moshe: Busetsa thupa ya Aarone pela areka ya bopaki, e tle e bolokwe teng, e be pontsho ho baikgantshi, o tle o fedise pela ka medumadumo ya bona, hore ba se ke ba timela.


Lefatshe la ahlamisa molomo wa lona, la ba metsa hammoho le Kore; mollo wa timetsa batho ba makgolo a mabedi a nang le mashome a mahlano, ba neng ba bokane; ya eba temoso ho setjhaba.


Efela taba tseo tsohle di ne di ba hlahele hore e be ditemoso, mme di ngodilwe hore re ithute ka tsona, rona ba hlahetsweng ke mehla ya bofelo.


mme ha o ahlotse metse ya Sodoma le Gomora ka ho e ripitla, le ka ho e fetola molora, hore e be temoso ho ba tlang ho ba banyefodi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos