Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Numere 16:38 - BIBELE

38 Dipane tsa banna bao ba ileng ba sitelwa bophelo ba bona di thulellwe, ho etswe dipoleiti tse tla kwahela aletare, kaha ba ile ba nyehela ka tsona kapele ho Morena. Ka baka leo, di ile tsa halalela. Tsena e tla ba sesupo ho bana ba Iseraele.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

38 Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:38
14 Referencias Cruzadas  

Kgosi Solomone a hlapanya ka lebitso la Morena, a re: “Modimo a nketse tjena le tjena, esitana le ho feta, haeba nke ke ka bolaya Adoniya ka baka la kopo ena.


Banna bana ba emetse lefu la bona, ba itjhehetse leraba ka bobona.


Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, ya halefisang kgosi o ipea tsietsing.


Ya sa mphumaneng o ipea kotsing, bohle ba ntlhoileng bona ba rata lefu.”


“Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ka baka lang ha le itlisetsa koduwa e kaalekaale? Ke ka baka lang ha le ipolaela banna le basadi le bana ba lona ba masea naheng ee ya Juda, le sa itshiele le masalla feela?


Motho ya jwalo ke tla mo lwantsha, ke mo etse setsoto le sesomo, ke mo kgaole setjhabeng sa ka, mme le tla tseba hore ke nna Morena.


Merero ya hao e hlabisitse ba heno dihlong, merero ya ho bolaya ditjhaba tse ngata; kahoo o beile bophelo ba hao kotsing.


“Bolella Eleasare, mora wa moprista Arone, hore a ntshe dipane kgabong ya mollo, mme a qhalle mollo oo hole, hobane dipane tsena di a halalela.


Moprista Eleasare a nka dipane tse entsweng ka lethose, tseo e neng e le nyehelo ya ba tjhesitsweng, tsa thulellwa mmoho ho etsa sekwahelo sa aletare.


Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.


Morena a re ho Moshe: “Kgutlisetsa molamu wa Arone kapele ho matlapa a ngotsweng Molao, molamu oo o bolokwe e le kgopotso ya bokwenehi ba bana ba Iseraele, le ho fedisa ho nkorotlela ha bona, e le hore ba se ke ba eshwa.”


Lefatshe le ile la ahlama, mme la ba kwenya mmoho le Kora, ha sehlopha seo se eshwa. Ke mohla mollo o timetsang batho ba makgolo a mabedi le mashome a mahlano. Hona ya eba sesupa ho setjhaba.


Jwale tsena di ile tsa etsahala ho bona, hore e be mohlala, mme tsa ngollwa rona ho re hlokomedisa, rona bao mehla ya bofelo e re fihletseng.


Hapehape Modimo o ile a ahlola metse ya Sodoma le Gomora ka ho e tjhesa lore! Hona ya eba mohlala wa se tla hlahela ba kgopo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios