Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Empa yare ha bo esa phutheho yohle ya bana ba Iseraele ya rorela Moshe le Aarone, ya re: Le bolaile setjhaba sa Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Setjhaba sohle sa bana ba Iseraele sa korotlela Moshe le Arone, sa re: “Le bolaile batho ba Morena.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:41
18 Referencias Cruzadas  

Akabe, ha a bona Elia, a re ho yena: Na efela ke wena, wena moferekanyi wa Iseraele na?


Empa ba phakisa ba lebala diketso tsa hae, ha ba ka ba tshepa merero ya hae;


Wa re, o a ba fedisa; empa Moshe, mokgethwa wa wona, a kena dipakeng tsa wona le bona ho faposa bohale ba wona, hore ba se ke ba fediswa.


Jehova, letsoho la hao le matla, empa ha ba ka ba le lemoha; ba tla bona tjheseho ya hao eo o tjhesehetseng tjhaba sa hao ka yona, mme ba tla swaba, mollo o tjhese bao e leng dira ho wena.


Yaba baholo ba re ho morena: Motho eo a ke a bolawe; hobane o ntse a fokodisa matsoho a bahlabani ba sa setseng motseng ona, le matsoho a setjhaba kaofela, ka ho ba bolella taba tse jwalo; hobane motho eo ha a batlele setjhaba sena molemo, empa e le kotsi.


O mpa o susumetswa ke Baruke, mora Neria, bakeng sa rona, hore re tle re neelwe matleng a Bakalde, ba tle ba re bolaye, kapa ba re ise kgolehong Babilona.


Ebile Amatsia, moprista wa Bethele, o romela ho Jeroboame, Morena wa Iseraele, a re: Amose o o fetohetse kahara ntlo ya Iseraele; lefatshe le se le sitwa ho mamella dipolelo tsohle tsa hae;


Bana ba Iseraele bohle ba dumaduma ka Moshe le ka Aarone, mme phutheho yohle ya re ho bona: Jo! hoja ra mpa ra shwela fatsheng la Egepeta! hoja ra timela lefeelleng lena!


Le tla ba lehlohonolo, ha ba le hlapaola ka baka la ka, ba le hlorisa, ba le bea bobe bohle ka bohata.


ba howa, ba re: Banna ba Iseraele, tlatsang; suna motho ya ntseng a ruta batho kaofela kahohle thuto e lwantshang setjhaba, le molao, le nqalo ena; o bile o ekeditse ka ho tlisa Bagerike tempeleng, o bile o silafaditse nqalo ena e halalelang.


a re: Na ha re a ka ra le laela haholoholo, hore le se ke la ruta ka lebitso leo na? Athe, bonang, le tlatsitse Jerusalema ka thuto ya lona, mme le rata ho tlisa madi a motho eo hodima rona.


Hape, le se ke la korotla jwaloka ba bang hara bona ba kileng ba korotla, mme ba bile ba timetswa ke motimetsi.


hara hlompho, le hlomphollo, hara diketselletso le botumo bo botle;


Ke batho ba korotlang, ba kgananang, ba yang ka ditakatso tsa bona; melomo ya bona e bolela tsa boikgohomoso, ba tadima tshobotso ya batho ka takatso ya moruo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos