Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 16:42 - Sesotho 1909/1961 (SO)

42 Ha phutheho e ne e bokane le Moshe le Aarone, yare ha ba tadima ka nqa tenteng ya pokano, ba bona leru le e apesitse, mme ha hlaha kganya ya Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

42 Ha setjhaba se bokane ho lwantsha Moshe le Arone, bo-Moshe le Arone ba kgutlela Tenteng ya Morena, mme leru la e kgurumetsa, tlotla ya Morena ya iponahatsa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 16:42
10 Referencias Cruzadas  

Yare ha Aarone a ntse a bolella phutheho yohle ya bana ba Iseraele, ha ba qala ho tadima nqa lefeelleng, ba tshoha kganya ya Jehova e bonahala lerung.


Ha ho esa, le tla bona kganya ya Jehova; hobane o utlwile kamoo le dumadumetseng Jehova kateng. Na rona re bomang, le ka re ngangisang?


Kganya ya Jehova ya dula thabeng ya Sinai, mme leru la e apesa ka matsatsi a tshseletseng; ka la bosupa, a bitsa Moshe a le lerung.


Moshe le Aarone ba kena tenteng ya pokano, mme ha ba etswa ho yona, ba hlohonolofatsa setjhaba. Yaba kganya ya Jehova e iponahatsa ho setjhaba kaofela.


Empa phutheho yohle e ne e bua, e re, e ya ba tlepetsa ka majwe. Yaba kganya ya Jehova e bonahala hodima tente ya pokano pela bana ba Iseraele kaofela.


Kore a ba memela phutheho yohle pela monyako wa tente ya pokano. Yaba kganya ya Jehova e hlahela phutheho kaofela.


Moshe le Aarone ba ya pela tente ya pokano.


Ho ne ho se metsi teng a ka nowang ke phutheho; yaba e lwantsha Moshe le Aarone.


Moshe le Aarone ba tloha phuthehong, ba ya monyako wa tente ya pokano. Ba wa ka difahleho tsa bona; mme kganya ya Jehova ya ba hlahela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos