Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa motho ya ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Motho ya jang nama ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, a le sesila, ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:20
16 Referencias Cruzadas  

Motho e motona wa leqai ya sa bolotswang nameng ya hae, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa hae, hobane o sentse selekane sa ka.


Mang le mang ya ka etsang ditlolo tse jwalo, kapa ya ka tlotsang moditjhaba ka tsona, a kgaolwe tjhabeng sa habo.


Mang le mang ya ka etsang tse jwalo ho di fofonela, a kgaolwe tjhabeng sa habo.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Le jellela le madi, le emisetsa mahlo a lona ditshwantshong tsa lona, le tsholla madi; mme le re, le tla rua lefatshe lena?


Hobane bohle ba tlang ho etsa leha le le leng la manyala ao, ba tla tloswa hara setjhaba sa ba habo bona.


Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.


Mme nna motho eo ke tla mo tjamela, mme ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo; hobane o neetse Moloke e mong wa bana ba hae, mme o tshetse jwalo nqalo e halalelang ya ka ditshila; o nyefotse lebitso la ka le halalelang.


Motho e mong le e mong ya sa tlong ho hlomoha ka letsatsi leo, o tla tloswa hara setjhaba sa habo.


Nama e amilweng ke ntho e sa hlwekang, ha e na ho jewa; empa e tla tjheswa ka mollo. Haele nama e jewang, motho e mong le e mong ya hlwekileng a ka e ja.


Hobane, mang le mang ha a ka ja mafura a dintho tseo ho etswang ka tsona mahlabelo a tjhesetswang Jehova, ya a jeleng, o tla kgaolwa hara setjhaba sa habo.


Ya ka jang madi afe le afe, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Ya amang setopo, e leng mmele wa motho ya shweleng, ha a sa itlhatswe, o silafatsa tabernakele ya Jehova; o tla tloswa hara Iseraele. Erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang, mme ho se hlweke ha hae ho sa ntse ho le hodima hae.


Motho ka mong a ke a itekole ke hona, mme jwale e be hona a jang bohobe bona, a nwelang senwelong sena.


Saule a se ke a bua letho tsatsing leo, a re: Ekaba o hlahetswe ke taba, ha a hlweka; ruri ha a hlweka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos