Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Motho ya amileng ntho efe le efe e sa hlwekang, kapa sesila sa motho, kapa phoofolo e sa hlwekang, leha e le ntho e nngwe le e nngwe e manyala, e ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sefe le sefe sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Hape, ha motho a ama ntho efe le efe e silafetseng, ebang ke motho ya silafetseng, kapa phoofolo, kapa ntho efe le efe e kgesehang, mme eba o ja sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, motho eo le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:21
31 Referencias Cruzadas  

Motho e motona wa leqai ya sa bolotswang nameng ya hae, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa hae, hobane o sentse selekane sa ka.


Le tla ja bohobe bo se nang ditomoso ka matsatsi a supileng, le tlose ditomoso matlung a lona ka tsatsi la pele; hobane ya ka jang bohobe bo nang le ditomoso ho qala ka tsatsi la pele ho isa ho la bosupa, motho eo o tla kgaolwa Iseraeleng.


Ka matsatsi a supileng, ditomoso di se ke tsa fumanwa matlung a lona, hobane ya ka jang se lomositsweng, motho eo o tla tloswa phuthehong ya Iseraele, kapa e leng moditjhaba, kapa e leng ya tswaletsweng naheng ya lona.


Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Le jellela le madi, le emisetsa mahlo a lona ditshwantshong tsa lona, le tsholla madi; mme le re, le tla rua lefatshe lena?


Ka mpa ka re: Oho Morena Jehova, bona, moya wa ka ha o eso ho silafale; ha ke eso ho je, ho qala botjheng ba ka le ho fihlela jwale, kapa ntho e shweleng, kapa phoofolo e rusolotsweng, mme ha ho eso ho be nama e putileng e keneng molomong wa ka.


Diphoofotswanyana tsohle tse rurang, tse tsamayang ka maoto a mane, e tla ba manyala ho lona.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


Hobane madi ke moya wa nama tsohle, madi a tsona ke wona moya wa tsona. Ke ka baka leo ke itseng ho bana ba Iseraele: Le ke ke la ja madi a nama efe le efe, hobane moya wa dinama tsohle ke madi a tsona; mang le mang ya tlang ho a ja, a tloswe.


Hobane bohle ba tlang ho etsa leha le le leng la manyala ao, ba tla tloswa hara setjhaba sa ba habo bona.


Ya tlang ho se ja, o tla jara boima ba molato wa hae, hobane o nyefotse se kgethetsweng Jehova; motho eo o tla tloswa hara setjhaba sa habo.


Mme nna motho eo ke tla mo tjamela, mme ke tla mo tlosa hara setjhaba sa habo; hobane o neetse Moloke e mong wa bana ba hae, mme o tshetse jwalo nqalo e halalelang ya ka ditshila; o nyefotse lebitso la ka le halalelang.


Ere ho bona: Mang le mang wa ditloholo tsa lona, leha e le wa leloko la lona, ya atamelang dintho tse halalelang, tse kgethelwang Jehova ke bana ba Iseraele, a le sesila, motho eo o tla tloswa pela ka. Ke nna Jehova.


Setloholo se seng le se seng sa Aarone se nang le lepera, kapa ho dutla, se ke ke sa eja dintho tse kgethehileng, se eso ho hlweke; ho jwalo, le bakeng sa e mong ya amileng motho ya leng sesila ke setopo, kapa ya hlapileng.


Motho e mong le e mong ya sa tlong ho hlomoha ka letsatsi leo, o tla tloswa hara setjhaba sa habo.


Empa motho ya ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Hobane, mang le mang ha a ka ja mafura a dintho tseo ho etswang ka tsona mahlabelo a tjhesetswang Jehova, ya a jeleng, o tla kgaolwa hara setjhaba sa habo.


Ya ka jang madi afe le afe, motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Tsohle tse amileng ya sa hlwekang di tla silafala, mme motho ya mo amileng, etlaba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


Empa le se ke la ja tse se nang dipheonyana, leha e le makgakgapha; tsena e be tse ditshila ho lona.


O se ke wa ja ntho tse manyala.


Saule a se ke a bua letho tsatsing leo, a re: Ekaba o hlahetswe ke taba, ha a hlweka; ruri ha a hlweka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos