Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Nama e amilweng ke ntho e sa hlwekang, ha e na ho jewa; empa e tla tjheswa ka mollo. Haele nama e jewang, motho e mong le e mong ya hlwekileng a ka e ja.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 “ ‘Nama e amang ntho e silafetseng ha e na ho jewa, e tla tjheswa ka mollo, empa bohle ba hlwekileng, nama ena ba ka e ja.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:19
12 Referencias Cruzadas  

Mali a mang ha a ka hasa seaparo, seaparo se hasitsweng se tla hlatsuwa nqalong e kgethehileng.


Ha ekaba motho a ka leka ho ja nama ya sehlabelo sa hae sa teboho ka letsatsi la boraro, se ke ke sa amohelwa, mme se ke ke sa ballwa ya se entseng; e tla ba ntho e manyala, mme motho ya se jang o tla jara molato wa hae.


Empa motho ya ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Le mpe le fane ka dintho tsa lona, mme dintho kaofela di tla hlweka ho lona.


A re ho bona: Le a tseba hobane motho wa Mojuda ha a dumellwe ho kopana le moditjhaba, leha e le ho kena ha hae; empa Modimo o nkeleditse hobane ke se ke ka re, motho e mong o ditshila, leha e le ho re, ha a hlweka.


Ke a tseba, ke bile ke kgolwa ke le ka ho Morena Jesu, hobane ha ho ntho e ka bang mpe, ka bobe boo e leng ba yona; empa motho ekare ha a dumela hobane ntho e mpe, e tla ba mpe ho yena.


O se ke wa fedisa mosebetsi wa Modimo ka sejo sa hao. Efela ntho tsohle di hlwekile, empa motho a ka etsa hampe ha a di ja a ntse a kgopisa e mong.


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Efela ntho tsohle di hlwekile ho ba hlwekileng; empa ha ho ntho e hlwekileng ho ba ditshila le ho ba sa dumelang; ba silafetse dipelo le matswalo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos