Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 7:19 - BIBELE

19 “ ‘Nama e amang ntho e silafetseng ha e na ho jewa, e tla tjheswa ka mollo, empa bohle ba hlwekileng, nama ena ba ka e ja.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Nama e amilweng ke ntho e sa hlwekang, ha e na ho jewa; empa e tla tjheswa ka mollo. Haele nama e jewang, motho e mong le e mong ya hlwekileng a ka e ja.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:19
12 Referencias Cruzadas  

Eng kapa eng e amang nama ya yona e tla halalela. Ha seaparo se ka qaphaletswa ke madi a yona, seaparo seo se qaphaleditsweng ke madi o se hlatswetse sebakeng se halalelang.


Haeba nama ya sehlabelo sa teboho e ka jewa ka letsatsi la boraro, ha e ka ke ya amoheleha, esita le monga yona e ke ke ya mo tswela molemo; e tla tadingwa e le manyala, mme ya e jang o tla ba molato.


Motho ya jang nama ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, a le sesila, ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Leha ho le jwalo, fanang ka se tswang botebong ba pelo, mme bonang, tsohle di tla be di hlwekile ho lona.


A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang.


Ke le wa Morena Jesu, ke a tseba, mme ke kgodisehile hore ha ho ntho e ilehang ka boyona, empa ho ya reng ntho e a ileha, ke ho yena feela e ilehang.


O se ke wa senya mosebetsi wa Modimo ka taba ya dijo. Ke nnete, tsohle di hlwekile, empa di mpe ho motho ya di jelang ho kgelosa.


Ka baka leo, tswang hara bona, le ikarohanye le bona, le se ke la ama letho le silafetseng, mme ke tla le amohela.


Ho ba hlwekileng tsohle di hlwekile, empa ho ba silafetseng le ho ba sa dumeleng ha ho letho le hlwekileng, hobane dikelello tsa bona le matswalo a bona a silefetse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos