Levitike 7:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)18 Ha ekaba motho a ka leka ho ja nama ya sehlabelo sa hae sa teboho ka letsatsi la boraro, se ke ke sa amohelwa, mme se ke ke sa ballwa ya se entseng; e tla ba ntho e manyala, mme motho ya se jang o tla jara molato wa hae. Ver CapítuloBIBELE18 Haeba nama ya sehlabelo sa teboho e ka jewa ka letsatsi la boraro, ha e ka ke ya amoheleha, esita le monga yona e ke ke ya mo tswela molemo; e tla tadingwa e le manyala, mme ya e jang o tla ba molato. Ver Capítulo |
Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,
Ekare ha e mong a inkela kgaitsedi ya hae, moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, ho mo etsa mosadi, mme monna a bona bofeela ba kgaitsedi ya hae, le mosadi a bona bofeela ba kgaitsedie, ke ketso e manyala; ba tla tloswa hara bana ba setjhaba sa habo; monna o apotse bofeela ba kgaitsedie, o tla jara sebe sa hae.