Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:18 - BIBELE

18 Haeba nama ya sehlabelo sa teboho e ka jewa ka letsatsi la boraro, ha e ka ke ya amoheleha, esita le monga yona e ke ke ya mo tswela molemo; e tla tadingwa e le manyala, mme ya e jang o tla ba molato.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ha ekaba motho a ka leka ho ja nama ya sehlabelo sa hae sa teboho ka letsatsi la boraro, se ke ke sa amohelwa, mme se ke ke sa ballwa ya se entseng; e tla ba ntho e manyala, mme motho ya se jang o tla jara molato wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:18
31 Referencias Cruzadas  

Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ke tjhaba se itulelang hara mabitla, se qetang masiu se entse tebelo ya sephiri; se itjellang le nama ya dikolobe, seo pitsa tsa sona di nang le moro wa tse manyala.


Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.


Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae: “Se rata ho lelera haholo, se sitwa ho thibela maoto a sona. Kahoo Morena ha a se amohele, jwale o tla hopola bokgopo ba sona, a se otle ka baka la dibe tsa sona.”


Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”


Motho ya etsang sebe ke yena ya tla shwa. Mora a ke ke a jariswa bokgopo ba ntatae, le ntatae a ke ke a jariswa bokgopo ba mora wa hae. Ho loka ha ya lokileng e tla ba ha hae, bokgopo ba ya kgopo le bona e be ba hae.


Ba nketsetsa dinyehelo, nyehelo tsa mahlabelo, ba itjella nama eo ya mahlabelo, empa ho nna Morena, ha a amohelehe. Ke tla hopola bokgopo ba bona, ke ba otlele dibe tsa bona, ke ba kgutlisetse naheng ya Egepeta.


“Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena.


Arone a re ho Moshe: “Bona, kajeno ba nyeheletse Morena ka nyehelo ya bona e tlosang sebe, le ka nyehelo ya bona ya setjheso, mme tsena ke tse etsahetseng ho nna. Haeba nka ja nyehelo e tlosang sebe kajeno, na hoo ho tla thabisa Morena?”


“ ‘Tsohle tse hahabang hodima lefatshe ke manyala, mme di ke ke tsa jewa.


Empa haeba a sa hlatswe diaparo tsa hae, a bile a sa tole ka metsi, o tla jara bokgopo ba hae.’ ”


“ ‘Ha le etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, le se etse hore le tle le amohelehe ho yena.


“ ‘Haeba monna a kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, e leng moradi wa ntatae, kapa moradi wa mmae, mme bobedi ba bona ba bonelana, hoo ke ketso e manyala. Bobedi ba bona ba tla kgaolwa setjhabeng sa habo bona, moo setjhaba se ntseng se bona. Monna eo o tla ahlolelwa ho kena dikobong tsa kgaitsedi ya hae, mme o tla jara bokgopo ba hae.


“ ‘O se ke wa kena dikobong tsa ngwanabo mmao, kapa tsa rakgadia hao, hobane ho etsa jwalo ke ho kopanya madi a le mang. Ya etsang jwalo o tla jara bokgopo ba hae.


ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang.’ ”


Haeba pohwana kapa nku e ena le maoto a fetanang, o ka etsa nyehelo ya boithaopo ka yona, empa bakeng sa nyehelo ya kano e ke ke ya amoheleha.


“ ‘Le se ke la nyehella Morena ka tse tswang ho baditjhaba, hore e be dijo tsa hae, hobane di silafetse, di na le sepha, mme di ke ke tsa amoheleha.’ ”


“Ha motho a etsa sebe ka ho tlola o mong wa melao ya Morena e se ka morero, o molato, leha a ne a sa tsebe, o tla jara bokgopo ba hae.


“ ‘Nama e amang ntho e silafetseng ha e na ho jewa, e tla tjheswa ka mollo, empa bohle ba hlwekileng, nama ena ba ka e ja.


Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa setjheso, la ntlisetsa le dinyehelo tsa dijo, tsena nke ke be ka di amohela. Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa teboho, la nketsetsa tsona ka dinonneng tsa lona, le tsona nke ke be ka di tadima.


“Hoja e mong wa lona a ka mpa a kwala mamati a Tempele, le tle le se ke la hotetsa mello e se nang thuso hodima aletare ya ka! Ha ke a le thabela ho hang!” ho rialo Morena wa mabotho. “Le nyehelo e tswang matsohong a lona ha nka ke ka e amohela.


Le bile le re: ‘Ke ntho e tenang hakaakang!’ mme le e swenyetsa dinko,” ho rialo Morena wa mabotho. “Ha le tlisa phoofolo e utswitsweng, kapa e hlotsang, kapa e kulang, mme le nnyehella ka yona, na nka e amohela matsohong a lona?” ho rialo Morena.


Nyehelo ya lona e tla nkwa e le e tswang ho lona, jwalokaha e ka ke koro e tswang seotlong, le jwalokaha e ka ke veine e tswang setlhotlelong.


Jesu a re ho bona: “Lona le iketsa ba lokileng mahlong a batho, empa Modimo o tseba dipelo tsa lona, hobane ho tlotlehang mahlong a batho ke manyala ho Modimo.


Hamorao a amohela letshwao la lebollo ho paka ho loka ha hae, hoo a ho fihletseng ka tumelo a eso bolle. Kahoo ya eba ntata bohle ba dumelang leha ba sa bolla, hore ba tle ba ballwe ho loka.


Ka mokgwa o jwalo le Kreste o ile a inyehela hanngwe, ho tlosa dibe tsa ba bangata. Mohla a tlang kgetlo la bobedi, sebe se se se fedisitswe, o tla iponahatsa ho ba mo lebeletseng hore a ba pholose.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos