Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 7:20 - BIBELE

20 Motho ya jang nama ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho, e etseditsweng Morena, a le sesila, ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Empa motho ya ditshila, ha a ka ja nama ya sehlabelo sa teboho, e leng sa Jehova, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:20
16 Referencias Cruzadas  

Motho wa leqai, ya sa bolotswang ka ho pongwa leeko, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo, hobane o sentse selekane sa ka.”


Motho ya ka etsang e jwaloka yona, kapa a e nea motho eo e seng moprista, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Motho ya ka etsang o kang wona, hore a utlwe monko wa wona o monate, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.”


Ka baka leo, ere ho sona: ‘Morena Modimo o bua tjena: Le ja nama e eso ka e fopha madi; le tshepile medingwana ya lona, le tsholla madi; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang?


“ ‘Mang kapa mang ya etsang e nngwe ya tse manyala tsena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Mang kapa mang ya se jang, o tla jara bokgopo ba hae, hobane o tla be a silafaditse ntho e halalelang ya Morena. Motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Le nna ke tla halefela motho eo, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo, hobane a neile Moloke bana ba hae, hore a silafatse Sehalalelo sa ka, le ho nyedisa lebitso la ka le halalelang.


Motho ofe kapa ofe ya sa tlo itima dijo ka letsatsi lena, o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


“ ‘Nama e amang ntho e silafetseng ha e na ho jewa, e tla tjheswa ka mollo, empa bohle ba hlwekileng, nama ena ba ka e ja.


Mang le mang ya jang mafura a phoofolo eo motho a e nyehellang Morena e le setjheso, le yena motho eo o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.


Motho ofe le ofe ya jang bobete bofe le bofe, le yena o tla kgaolwa setjhabeng sa habo.’ ”


Mang kapa mang ya amang setopo, eba ha a itlhwekise, o silafatsa Tente ya Morena. Motho ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele, hobane ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa. O tla ba sesila, mme sesila sa hae se tla sallana le yena.


Kahoo, motho ka mong a ke a itekole pele, e be hona a jang bohobe boo, mme a nwelang senwelong seo.


Empa ka letsatsi leo Saule a se ke a bua letho, hobane monahano wa hae o ne o re: “O hlahetswe ke ho hong, o sesila, ruri ha a ya hlweka.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos