Levitike 7:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)12 Ekare ha e mong a se hlahisa ka teboho, e ka kgona a hlahise hammoho le sehlabelo sa teboho bohobe bo sa lomoswang, bo dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole, le dinkgwana tsa lefi la phofo tse hadikilweng ka ole, tse dubilweng ka ole. Ver CapítuloBIBELE12 “ ‘Ha sehlabelo e le sa teboho, motho a se tlise se ena le maqebekwane a sa lomoswang, a dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le dikuku tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole. Ver Capítulo |
ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.