Yaba Esekiase o bua, a re: Jwale, ha le fela le ikgethetse Jehova, le atamele, mme le tlise mahlabelo le dimpho tsa teboho tlung ya Jehova. Ba phutheho ba tlisa mahlabelo le diteboho, mme bohle ba pelo di ratang ba hlahisa ditjheso.
Ho ntshwe nku e le nngwe ho tse makgolo a mabedi naheng e noseditsweng ya Iseraele, ho etsa dinyehelo, le ditjheso le mahlabelo a teboho, ho ba etsetsa pheko ka tsona: ho bolela Morena Jehova.
Bolella bana ba Iseraele, o re: Ya tlang ho hlahisa sehlabelo sa hae sa teboho ho Jehova, o tla tlisa ho Jehova nyehelo ya hae e nkilweng sehlabelong sa hae sa teboho.
tsa sehlabelo sa teboho ya eba poho tse pedi tsa dikgomo, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dikonyana tse tona tse hlano tse lemo se le seng. Ke yona kabelo ya Nethaneele, mora Tsaure.