Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:11 - BIBELE

11 “ ‘Ona ke molao wa sehlabelo sa teboho, seo motho a ka se etsetsang Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Molao wa sehlabelo sa teboho se hlahisetswang Jehova, ke wona ona:

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:11
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Hesekiya o re: “Jwale le ineetse Morena. Atamelang le tlise mahlabelo, le dinyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena.” Setjhaba sa tlisa mahlabelo le dinyehelo tsa teboho, mme bohle ba tlisa dinyehelo tsa setjheso, tsa boithaopo.


A tsosa aletare ya Morena, mme hodima yona a etsetsa dinyehelo tsa teboho. Yaba Manase o laela ba morabe wa Juda hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele.


“Kajeno ke entse nyehelo ya ka, kano tsa ka kajeno ke di phethile, ke na le dijo tsa nyehelo eo, ke na le tsona ha ka;


Mohlapeng wa dinku tse makgolo a mabedi, o tswang makgulong a nonneng a naha ya Iseraele, le tla nyehela ka konyana e le nngwe. Ka tsena tsohle le tla etsa nyehelo ya dijo, nyehelo ya setjheso, nyehelo ya teboho, le nyehelo ya tefelo ya sebe, ho rialo Morena Modimo.


Mohla letsatsi leo le etsang sehlabelo seo ka lona, le se je, le be le se je le ka letsatsi le hlahlamang, empa se ka salang, sa fihlelwa ke letsatsi la boraro, le se tjhese ka mollo.


“Ha o etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, o tla se etsa hore se tle se amohelehe.


Nyehelo ya dijo, e dubilweng ka ole kapa e sa dujwang, e tla ba ya bara bohle ba Arone ka ho lekana.’ ”


“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Motho ya nyehellang Morena sehlabelo sa hae sa teboho, o tla mo tlisetsa karolo ya sona e le nyehelo e kgethehileng.


Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa setjheso, la ntlisetsa le dinyehelo tsa dijo, tsena nke ke be ka di amohela. Leha le ka nketsetsa dinyehelo tsa teboho, la nketsetsa tsona ka dinonneng tsa lona, le tsona nke ke be ka di tadima.


Bakeng sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho ya eba dipholo tse pedi, le dipheleu tse hlano, le diphooko tse hlano, le dinku tse hlano tse tona, tse nang le selemo. Ena ya eba nyehelo ya Netanele, mora wa Suare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos