Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:12 - BIBELE

12 “ ‘Ha sehlabelo e le sa teboho, motho a se tlise se ena le maqebekwane a sa lomoswang, a dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le dikuku tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ekare ha e mong a se hlahisa ka teboho, e ka kgona a hlahise hammoho le sehlabelo sa teboho bohobe bo sa lomoswang, bo dubilweng ka ole, le maqebekwane a sa lomoswang, a tlotsitsweng ka ole, le dinkgwana tsa lefi la phofo tse hadikilweng ka ole, tse dubilweng ka ole.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:12
25 Referencias Cruzadas  

Yaba Hesekiya o re: “Jwale le ineetse Morena. Atamelang le tlise mahlabelo, le dinyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena.” Setjhaba sa tlisa mahlabelo le dinyehelo tsa teboho, mme bohle ba tlisa dinyehelo tsa setjheso, tsa boithaopo.


A tsosa aletare ya Morena, mme hodima yona a etsetsa dinyehelo tsa teboho. Yaba Manase o laela ba morabe wa Juda hore ba sebeletse Morena Modimo wa Iseraele.


Ka lona letsatsi lena Baiseraele ba etsa mahlabelo a mangata, ba thaba, hobane Modimo o ne a ba thabisitse haholo. Basadi, hammoho le bana, le bona ba thaba, hoo ditlatse tsa thabo ya Jerusalema di ileng tsa ya utlwahala hole!


Ba ke ba boke Morena ka baka la mohau wa hae, le dimakatso tsa hae ho bana ba batho.


Ke tla o nyehella ka sehlabelo sa teboho, mme ke rapele lebitso la Morena.


Ya nnyehellang ka sehlabelo sa teboho ka sona o a ntlotlisa, ya tsamayang ka ho loka ke tla mmontsha kamoo Modimo a pholosang kateng.”


ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.


Itokisetseng tseo le tla di bua, le kgutlele ho Morena, le re ho yena: “Ako re tshwarele bokgopo bohle ba rona, mme thapedi ya rona o e amohele. Bakeng sa ho nyehela ka mahlabelo a dipohwana, re tla o boka ka melomo ya rona.


“ ‘Ha o tlisa nyehelo ya bohobe bo phehilweng ka onto, e be ba dikuku tse sa lomoswang, tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole; kapa e be moqathane o tlotsitsweng ka ole ya mohlwaare.


“ ‘Haeba nyehelo ya hao e le ya bohobe bo besitsweng rosetereng, bo etswe ka phofo ya koro e thumisehileng, e dubilweng ka ole ya mohlwaare, bo se ke ba lomoswa.


“Ha o etsetsa Morena sehlabelo sa teboho, o tla se etsa hore se tle se amohelehe.


Se setseng, se sa lomoswang, Arone le bara ba hae ba tla se jella sebakeng se halalelang. Ba tla se jella ka seotlwaneng sa Tente ya Morena.


Nama ya phoofolo ya sehlabelo sa nyehelo ya teboho e tla jewa hona mohla letsatsi leo la nyehelo; ho se ke ha ba e sielwang letsatsi la hosasane.


Etsang nyehelo ya lona ya teboho, le e etse ka bohobe bo lomositswe; phatlalatsang dinyehelo tsa lona, nyehelo tsa lona tsa boithaopo, le di phatlalatse pontsheng ya bohle, le ithorise ka tsona, lona Baiseraele, hoba hona le hlile le rata ho ho etsa,” ho rialo Modimo wa mabotho.


A tlise le seroto se nang le bohobe bo sa lomoswang, ba phofo e thumisehileng, le maqebekwane a dubilweng ka ole, le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le nyehelo ya bona ya dijo, le dinyehelo tsa bona tsa dino.


a itihela fatshe ka sefahleho maotong a Jesu, a mo leboha. Yena e ne e le Mosamaria.


Na ha ho ba kgutlileng ho tlotlisa Modimo, haese moditjhaba eo feela na?”


hobane leha ba tsebile Modimo, ha ba a ka ba mo tlotlisa le ho mo leboha jwaloka Modimo. Menahano ya bona ya leba nthong tse se nang thuso, mme pelo tsa bona tse hlokang kutlwisiso tsa fifala.


Kamehla lebohang Modimo Ntate ka baka la tsohle, ka lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste.


Ka baka leo, ka Jesu, a re se phetseng ho nyehella Modimo ka sehlabelo sa thoriso e tswang melomong e rokang lebitso la hae.


Tloong le le majwe a phelang, a sebediswang ho haha tempele ya moya. Le be baprista ba halalelang, ba nyehellang Modimo ka mahlabelo a moya, a amohelehang ho yena ka Jesu Kreste;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos