Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O tla hlahisa nyehelo ya hae, le dinkgwana tsa bohobe bo lomositsweng, hammoho le sehlabelo sa hae sa teboho le sa kgotso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 O tla etsa nyehelo ya hae ka maqebekwane a sa lomoswang mmoho le phoofolo ya sehlabelo sa teboho.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:13
7 Referencias Cruzadas  

ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.


Le ka nyehella Jehova ka tsona dinyehelong tsa lona tsa dilopotsiya; empa di se ke tsa hlahiswa aletareng jwaloka monko o monate.


Le tla tlisa mahobe a mabedi a tswang matlung a lona, a tlang ho tsokotswa, e le mahobe a entsweng ka karolo tse pedi tsa boshome tsa lefi la phofo, a phehilwe, a lomositswe; ke dilopotsiya tsa Jehova.


Mahobe a tla ekeletswa ka setjheso seo le tla se etsetsa Jehova ka konyana tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi, le ka pohwana, le ka dipheleu tse pedi; le tla se hlahisa le nyehelo le ditshelo tsa sona, e tle e be sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


Teboho tsa lona tsa setjheso di etseng ka tse lomositsweng; le laele le dikabelo tse yeng di ntshuwe ka ho ithatela ha motho, hobane ke moo le ithatelang, lona bana ba Iseraele: ho itswalo ke Morena Jehova.


A ba bolella setshwantsho se seng, a re: Mmuso wa mahodimo o tshwana le ditomoso tseo mosadi a di nkileng, a di kenya phofong e tekanyo tse tharo, hlama e tle e kokomohe kaofela.


Hobane tsohle tse bopilweng ke Modimo di ntle, mme ha ho letho le tshwanetseng ho kgeswa ha ho jewa ka teboho;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos