Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Karolo ya nyehelo e nngwe le e nngwe e tla hlahiswa ho Jehova e emisitswe, mme e tla ba ya moprista ya tsholotseng madi a se entsweng sehlabelo sa teboho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 E nngwe ya dikuku tsa sehlabelo sena e tla nyehellwa Morena, ka ho e akgotsa. Ena e tla ba ya moprista ya fokang madi a diphoofolo tsa dinyehelo tsa teboho.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:14
10 Referencias Cruzadas  

Moprista ya se hlahisang bakeng sa sebe, o tla se ja; se tla jelwa nqalong e halalelang, lebaleng la tente ya pokano. Ya ka amang nama ya sona, o kgethehile.


Ke o nea dikabelo tsohle tse kgethehileng tseo bana ba Iseraele ba tla di hlahisetsa Jehova ka ho di emisa, ke re, ke di nea wena, le bara ba hao, le baradi ba hao ka molao o sa feleng. Ke selekane se se nang ho kgaolwa, se sa feleng pela Jehova, se entsweng le wena le ditloholo tsa hao.


Le tla di nka lefohlong la bona, mme o tla di nea moprista Eleasare ka mokgwa wa nyehelo e etsetswang Jehova.


Ka taelo eo Jehova a neng a mo neile yona, Moshe a nea moprista Eleasare lekgetho la Jehova ka mokgwa wa nyehelo.


Bonang Baiseraele, bao e leng bona ka nama: ana ba jang mahlabelo ha ba jele aletareng na?


a je kabelo e tshwanang le tsa ba bang, ho sa balwe seo a ka bang le sona ka thekiso ya ntho tsa baholo ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos