Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 4:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Moprista o tla qopetsa monwana wa hae mading a sehlabelo sa sebe, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 Moprista o tla ina monwana wa hae mading a phoofolo ena, a tlotse manaka a dihukung tsa aletare ya setjheso, mme madi a setseng a a qhalle motheong wa aletare.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 4:25
18 Referencias Cruzadas  

O nke madi a poho o a bee manakeng a aletare ka monwana; madi a mang kaofela o a tshollele fatshe pela aletare.


Na ha le a ka la tseba, ha le a ka la utlwa na? Na ha le a ka la bolellwa esale ho qaleng? Na ha le eso ho lemohe ho thewa ha lefatshe na?


Etlare ha a etswa, o tla ya aletareng e pela Jehova, mme o tla e etsetsa pheko ka ho nka madi a pohwana le madi a phooko, ao a tlang ho a bea manakeng a aletare ka nqa tsohle;


Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.


madi a mang o tla a bea manakeng a aletare e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e monyako wa tente ya pokano.


E tla bea letsoho la yona hloohong ya podi, mme e tla e hlaba moo ho hlabelwang ditjheso teng, pela Jehova; ke sehlabelo sa sebe.


Moprista o tla nka madi a mang a yona ka monwana, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso; madi a setseng kaofela o tla a tshollela fatshe aletareng.


Moprista o tla nka ka monwana wa hae madi a mang a nku, a a bee manakeng a aletare ya ditjheso, mme madi a setseng kaofela a ntoo a a tshollela fatshe aletareng.


Moprista o tla bea madi a mang manakeng a aletare ya dibano tse nkgang hamonate, e pela Jehova, tenteng ya pokano; madi kaofela a setseng a poho, o tla a tshollela fatshe aletareng ya ditjheso e emeng pela monyako wa tente ya pokano.


Ka madi a sehlabelo sa sebe, o tla fokela lehlakoreng la aletare, mme madi a setseng a tla tshollelwa fatshe, pela aletare: ke sehlabelo sa sebe.


Moshe a ntoo nka ole ya tlolo, mme a tlotsa tente ya pokano, le dintho kaofela tse neng di le kateng, mme a di kgetha jwalo;


Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, a a bea ka monwana wa hae manakeng a aletare ka nqa tsohle; kahoo a hlwekisa aletare; madi a setseng a a tshollela fatshe aletareng, mme a e kgetha jwalo, ho tle ho etswe pheko teng.


Bara ba Aarone ba mo tlisetsa madi; a qopetsa monwana wa hae mading, a a bea manakeng a aletare; a ntoo tshollela fatshe aletareng madi a setseng.


hobane Kreste ke phetho ya molao, ho bea ya lokileng mang le mang ya dumelang.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba yena eo ntho tsohle di etseditsweng yena, eo tsohle di entsweng ke yena, ha a ne a tla isa bana ba bangata kganyeng, a phethisise ka bohloko eo e leng Morena wa poloko ya bona.


Mme ka molao, dintho tse hlatsuwang ka madi e batla e eba tsohle, mme ha madi a sa tsholohe, ha ho teselo ya dibe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos