Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 4:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 E tla bea letsoho la yona hloohong ya podi, mme e tla e hlaba moo ho hlabelwang ditjheso teng, pela Jehova; ke sehlabelo sa sebe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 E tla bea letsoho la yona hodima hlooho ya phooko ena, mme e e hlabele kapele ho Morena, moo ho hlabelwang diphoofolo tsa setjheso teng. Ena ke nyehelo e tlosang sebe.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 4:24
17 Referencias Cruzadas  

Haele ditjhelete tsa mahlabelo a melato, le tjhelete tsa mahlabelo a dibe, di ne di sa tliswe tlung ya Jehova; e ne e le tsa baprista.


Ba ntoo tlisa diphooko tsa sehlabelo sa sebe pontsheng ya morena le pontsheng ya morena le pontsheng ya phutheho; ba bea matsoho a bona hodima tsona.


Tseo o tla di hlabela aletareng ke konyana tse pedi tse lemo se le seng, ka tsatsi le leng le le leng, kamehla yohle.


Bohle re ne re lahlehile jwaloka dinku, re ne re ya e mong le e mong ka tsela ya hae; empa Jehova o mo jarisitse makgopo wohle a rona.


O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.


O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.


A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.


O tla hlaba konyana e tona nqalong eo ho hlabelwang ho yona mahlabelo a sebe le ditjheso, nqalong e kgethehileng, hobane, jwalokaha ntho ya sehlabelo sa sebe e le ya moprista, ho jwalo le ntho ya sehlabelo sa molato; e halalela haholo.


O tla hlabela setjhaba phooko ya sehlabelo sa sebe; o tla isa madi a yona kamora lesira, mme o tla etsa ka madi ao jwalokaha a entse ka madi a pohwana, o tla foka ka wona hodima sekwahelo, le pela sona.


o tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya yona, mme o tla e hlaba pela tente ya pokano; bara ba Aarone ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.


O tla bea letsoho la hae hodima hlooho ya kgomo eo ya sehlabelo sa hae, o tla e hlaba monyako wa tente ya pokano; baprista, bara ba Aarone, ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.


a bee letsoho la hae hodima hlooho ya sehlabelo seo sa hae, a se hlabe pela tente ya pokano, mme bara ba Aarone ba tla tshollela madi aletareng ka nqa tsohle.


Ba batona bohle ho bara ba Aarone ba tla se ja. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona, bakeng sa dinyehelo tse tjhesetswang Jehova ka mollo. Motho ya di amang o kgethehile.


Ho bara ba Aarone, eo ya tlang ho tlotsuwa ho nka sebaka sa hae le yena, o tla etsa nyehelo eo. Ke taelo ya kamehla ya Jehova, e tla tjheswa kaofela ha yona.


Bolella Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa sehlabelo sa sebe ke wona ona: Sehlabelo sa sebe se tla hlajwa pela Jehova, nqalong eo setjheso se hlabelwang teng; ke ntho e halalelang haholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos