Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 4:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 O tla tjhesa mafura kaofela a podi aletareng, jwaloka mafura a sehlabelo sa teboho; moprista o tla etsetsa motho eo pheko ya sebe sa hae jwalo, a tle a tshwarelwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Mafura wohle a yona o tla a tjhesetsa aletareng, jwalokaha a etsa ka mafura a phoofolo ya sehlabelo sa teboho. Ka mokgwa o jwalo moprista o tla etsetsa kgosana tefelo ya sebe sa yona mme e tla tshwarelwa.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 4:26
22 Referencias Cruzadas  

Baprista ba di hlaba, ba tshollela madi a tsona aletareng, bakeng sa sebe, hore ho etsetswe Baiseraele bohle pheko; hobane morena a ne a laetse hore setjheso le sehlabelo sa sebe di etsetswe Baiseraele bohle.


Ka tsatsi la bobedi, o tla hlaba phooko e hlokang sekodi, e be sehlabelo sa sebe, ho hlatsuwe jwalo aletare, jwalokaha e hlatswitswe ka poho.


O tla bea letsoho la hae hloohong ya setjheso se tla amohelwa ke Jehova, hore a etsetswe pheko ka sona.


Ha a ka hloka konyana, a nke maebanakgorwana a mabedi, kapa maeba a mabedi, le leng e be la setjheso, le leng e be la sehlabelo sa sebe. Moprista o tla mo etsetsa pheko, hore a hlweke.


Se setseng sa ole e seatleng sa hae, moprista o tla se bea hodima hlooho ya motho ya itlhatswang, mme moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova.


le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso; moprista a mo etsetse pheko jwalo pela Jehova, ka baka la ho dutla ha hae.


Hobane moya wa nama o mading. Ke le neile wona aletareng, a tle a etsetse meya ya lona pheko, hobane ke ka baka la moya madi a ka etsang pheko.


Moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova, ka pheleu e tlisitsweng ya sehlabelo sa molato, ka baka la sebe seo a se entseng; mme sebe seo a se entseng o tla tshwarelwa sona.


Bara ba Aarone ba tla a tjhesetsa aletareng, hodima setjheso se seng se leng hodima patsi e beilweng mollong, e be sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.


O tla nka mafura a yona kaofela, a a tjhese aletareng.


O tla etsa ka poho eo kamoo a entseng ka poho ya sehlabelo sa sebe kateng; o tla e etsa jwalo. Moprista o tla ba etsetsa pheko jwalo, ba tle ba tshwarelwe.


O tla nka mafura a yona kaofela, jwalokaha ho nkwa mafura a sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla a tjhese aletareng, e be monko o monate ho Jehova; moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.


O tla nka mafura kaofela kamoo ho nkwang mafura kateng, a nku e tona ya sehlabelo sa teboho, mme moprista o tla e tjhesa aletareng, e be sehlabelo se tjheseditsweng Jehova ka mollo. Moprista o tla mo etsetsa jwalo pheko ya sebe seo a se entseng, mme o tla se tshwarelwa.


Ka nonyana ya bobedi, o tla etsa setjheso ka molao wa teng; moprista o tla mo etsetsa pheko jwalo, bakeng sa sebe seo a se entseng, mme o tla tshwarelwa.


Ka mokgwa o jwalo, moprista o tla etsetsa motho eo pheko ka baka la sebe seo a se entseng tabeng e nngwe ya tseno, mme o tla tshwarelwa. Se setseng e tla ba sa moprista, jwaloka ha ho etswa ka nyehelo.


O tla busa jwalo theko ya ntho eo a e fothileng ho tse halalelang, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona. O tla e nea moprista; moprista o tla mo etsetsa pheko ka pheleu e ntshitsweng, e be sehlabelo sa molato, mme o tla tshwarelwa.


O tla tlisa ho moprista pheleu e se nang sekodi, e nkilweng mohlapeng wa hae ka tekanyetso ya hao, e be sehlabelo sa molato. Moprista o tla mo etsetsa pheko ka baka la molato wa hae, oo a o entseng a sa tsebe, mme o tla tshwarelwa.


Moprista o tla mo etsetsa pheko pela Jehova, mme o tla tshwarelwa, leha molato wa hae e ka ba ofe le ofe oo a o entseng.


Moprista a etse pheko bakeng sa phutheho yohle ya bana ba Iseraele, mme ba tla tshwarelwa; hobane ke sebe se entsweng ka ho se tsebe, mme ba tlisitse sehlabelo sa bona e le sehlabelo se etsetswang Jehova ka mollo, le sehlabelo sa sebe pela Jehova, bakeng sa sebe se entsweng ka ho se tsebe.


Moprista o tla etsa pheko bakeng sa motho ya sitetsweng Jehova ka ho se tsebe; hobane a etsetswe pheko o tla tshwarelwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos