Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba bahlano ho lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ho lona ba tla lelekisa ba dikete tse leshome; mme dira tsa lona di tla dihuwa ke lerumo pela lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:8
15 Referencias Cruzadas  

Ke ena palo ya bahale bao Davida a neng a na le bona. Jashobeame, mora Hakmoni, ke hlooho ya dinatla. A lwantsha banna ba makgolo a mararo ka lerumo la hae, a ba bolaya ka nako e le nngwe.


Abishai, moena Joabe, e ne e le hlooho ya ba bararo bao. A lwantsha banna ba makgolo a mararo ka lerumo la hae, a ba bolaya, mme a iketsetsa lebitso hara ba bararo bao.


Bajuda ba bang, ba leng dinaheng tsa morena, ba phutheha le bona, mme ba lwanela bophelo ba bona; ba bona phomolo ho dira tsa bona, mme ba bolaya batho ba dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano hara ba ba hloileng, empa ha ba ka ba hapa letho.


Le tla lelekisa dira tsa lona, mme di tla dihuwa ke lerumo pela lona.


Ka tsatsi leo, Jehova o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, mme e leng ya kgoptjwang hara bona, tsatsing leo, o tla ba jwaloka Davida, ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Jehova kapele ho bona.


Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.


Le tla romela ntweng banna ba sekete ka leloko le leng le le leng ho meloko yohle ya Iseraele.


Jehova o tla etsa hore dira tsa hao tse o tsohelang matla di hlolwe pontsheng ya hao; di tla le futuhela di etla ka tsela e le nngwe, mme di tla le balehela ka tsela tse supileng.


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


Monna a le mong wa lona o lelekile ba sekete se seng, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang, jwalokaha a le baletse.


A bona mohlahare o motala wa esele, a isa letsoho, a o tshwara, mme a bolaya batho ba sekete ka wona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos