Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:8 - BIBELE

8 Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba bahlano ho lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ho lona ba tla lelekisa ba dikete tse leshome; mme dira tsa lona di tla dihuwa ke lerumo pela lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:8
15 Referencias Cruzadas  

Palo ya bahale ba Davida ke ena: Jashobame wa Mohakemoni e ne e le yena mookamedi wa balaodi. Ke yena ya neng a fekefe banna ba makgolo a mararo ka lerumo, a ba bolaya ka nako e le nngwe.


Abishai, ngwanabo Joabe, e ne e le yena mookamedi wa ba mashome a mararo. Ke yena ya neng a fekefe ba makgolo a mararo ka lerumo, a ba bolaya, mme lebitso la hae la tuma hara ba mashome a mararo.


Bajuda ba bang ba dinaheng tsa kgosi, ba kgobakana, ba itshireletsa, ba phomola direng tsa bona. Ba bolaya dira tsa bona tse dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano, empa ba se ke ba hapa thepa ya tsona.


Le tla lelekisa dira tsa lona, mme le tla di bolaya ka sabole.


Mohla tsatsi leo, Morena o tla sireletsa baahi ba Jerusalema, e le hore ba fokolang haholo hara bona ba tle ba be jwaloka Davida, le ntlo ya Davida e be jwaloka Modimo, jwaloka lengeloi la Morena le ba etellang pele.


Feela le se ke la fetohela Morena, mme le se ke la tshaba baahi ba naha eo, hobane rona re tla ba ripitla. Ha ba sa na mosireletsi, athe rona o na le rona. Le se ke la tshaba.”


Le tla ntsha banna ba sekete morabeng o mong le o mong wa merabe yohle ya Iseraele, hore ba ye ntweng.”


“Morena o tla etsa hore dira tsa hao, tse o tsohetseng matla, di hlolwe o ntse o di bona. Ha di o futuhela di tla tla di tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha di o baleha di tla phasaphasa ka tsela tse ngata.


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


Monna a le mong wa lona o lelekile batho ba sekete, hobane Morena Modimo wa lona, ke yena ya le lwanetseng, jwalokaha a ne a le tshepise.


A bona mohlaare wa tonki e sa tswa shwa, a nanabetsa letsoho, a o nka, mme ka wona a bolaya banna ba sekete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos