Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:9 - BIBELE

9 “ ‘Ke tla le hlompha, ke le atise, ke le ngatafatse, ke be ke tiise selekane sa ka le lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke tla nne ke le tadime, ke le atise, ke le ngatafatse, mme ke tla tiisa selekane sa ka le lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:9
31 Referencias Cruzadas  

Modimo a ba hlohonolofatsa, a re ho bona: “Atang, le ngatafale, le tlale lefatshe, le rene hodima lona; le laole ditlhapi tsa lewatle, le dinonyana tse fofang, le tsohle tse tsamayang hodima lefatshe.”


Ha e le tabeng ya Ishemaele, ke o mametse: bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo fe bana ba bangata, ke ba atise haholo. O tla tswala mahosana a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.


ruri ke tla o hlohonolofatsa haholo, ditloholo tsa hao ke di ngatafatse jwaloka dinaledi tsa lehodimo, le jwaloka lehlabathe le lebopong le lewatle. Ditloholo tsa hao di tla hapa metse ya dira tsa tsona.


Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao jwaloka dinaledi tsa lehodimo, mme dinaha tsena tsohle ke tla di nea ditloholo tsa hao. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofala ka ditloholo tsa hao;


Ditloholo tsa hao di tla ba kaalo ka lerole la lefatshe, mme o tla namela bophirimela, le botjhabela, le leboya, le borwa. Merabe yohle ya lefatshe e tla hlohonolofatswa ka wena le ka ditloholo tsa hao.


Modimo ya matla wohle a ke a o hlohonolofatse, a o fe bana ba bangata, a be a o atise haholoholo, o tle o be raditjhabatjhaba.


a re ho nna: ‘Bona, ke tla o fa bana ba bangata, ke ba atise, ke o etse raditjhabatjhaba, mme ke tla nea ditloholo tsa hao naha ena, e be leruo la tsona la mehla yohle.’


Empa wena ke tla etsa selekane le wena. O tla kena ka arekeng, wena le bara ba hao, le mosadi wa hao, le dingwetsi tsa hao.


Mohlanka wa hao o busa setjhaba sa hao, seo o ikgethetseng sona, se sengata hoo se ke keng sa balwa.


Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.


Yaba ke a ba araba, ke re ho bona: “Modimo wa mahodimo ke yena ya tla re atlehisa; ka baka lena, rona, bahlanka ba hae, re tla ema ka maoto, re hahe. Ha e le lona, mona Jerusalema, ha le na kabelo, kapa tokelo, kapa sefika.”


Wa anafatsa bana ba bona sa naledi tsa lehodimo, wa ba fihlisa naheng e tshepisitsweng bo-ntata bona, hore ba kene ho yona, ba ikgapele yona.


A ba hlohonolofatsa, ba ngatafala haholo, a ba atisetsa leruo la diphoofolo.


hobane o itse: “Mohau wa ka o hlola kamehla yohle, botshepehi ba ka bo theilwe mahodimong.


Bana ba Iseraele ba beleha haholo, ba ata, ba ngatafala, ba eba matla haholo, hoo ba ileng ba tlala naha yohle ya Egepeta.


Modimo a bona bana ba Iseraele, mme a ba utlwela bohloko.


Hape ke ile ka etsa selekane sa ka le bona, e leng sa ho ba nea naha ya Kanana; naha ya bojaki ba bona, eo ba neng ba jakile ho yona.


“Ntshekeheleng tsebe, mme le tle ho nna, le mmamele, meya ya lona e tle e phele. Ke tla etsa selekane sa kamehla le lona, e leng mehauhelo eo ke neng ke e tshepise Davida.


“Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.


Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.


‘Ipiletse ho nna, mme ke tla o araba, ke o bolelle dintho tse kgolo, tse matla, tseo wena o sa di tsebeng.’


Ke tla etsa selekane le wena, mme o tla tseba hore ke nna Morena.


Ke na le lona, ke tla le rekolohela; le tla lemelwa, mme le jallwe.


haeba le furalla ditaelo tsa ka, le nyedisa dikahlolo tsa ka, le sa boloke melao ya ka yohle, le senya selekane sa ka;


a etsetse bo-ntata rona mohau, a hopole selekane sa hae se halalelang,


Morena o tla o atlehisa haholo ka ho atisa bana ba hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le ditholwana tsa masimo a hao, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao hore o tla o nea yona.


“Bana ba hao ba tla hlohonolofatswa, le ditholwana tsa naha ya heno, le tswala ya diphoofolo tsa hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le tswala ya mehlape ya hao.


O tla le rata, a le hlohonolofatse, a le ngatafatse. O tla hlohonolofatsa bana ba lona, le ditholwana tsa masimo a lona, le koro ya lona, le veine ya lona e ntjha, le ole ya lona. O tla ngatafatsa makgomo a lona, le mehlape ya lona e tla tswala mmoella, naheng eo a hlapanyeditseng bo-ntata lona hore o tla le nea yona.


Ha se na ho tshwana le selekane seo ke neng ke se etse le baholoholo ba bona, ha ke ne ke ba tshwere ka letsoho, ke ba ntsha naheng ya Egepeta. Kahobane ha ba a ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, le nna ha ke a ka ka ba natsa, ho rialo Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos