Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke tla nne ke le tadime, ke le atise, ke le ngatafatse, mme ke tla tiisa selekane sa ka le lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “ ‘Ke tla le hlompha, ke le atise, ke le ngatafatse, ke be ke tiise selekane sa ka le lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:9
31 Referencias Cruzadas  

Modimo wa ba hlohonolofatsa, mme Modimo wa re ho bona: Ngatafalang, le ate, le tlale lefatsheng, le rene hodima lona, mme le buse dihlapi tsa lewatle, le tse rurang tsa mahodimo, le tsohle tse phelang, tse hahabang lefatsheng.


Haele bakeng sa Ishmaele, ke o utlwile: Bona, ke tla mo hlohonolofatsa, ke mo atise, ke mo ngatafatsa haholoholo; o tla tswala marena a leshome le metso e mmedi, mme ke tla mo etsa setjhaba se seholo.


ho hlohonolofatseng ke tla o hlohonolofatsa, mme ho atiseng ke tla atisa moloko wa hao, o be ka ka dinaledi tsa mahodimo le lehlabathe le lebopong la lewatle, mme moloko wa hao o tla rua dikgoro tsa dira tsa wona.


Ke tla ngatafatsa ditloholo tsa hao, di be ka ka dinaledi tsa lehodimo; dinaha tsena kaofela ke tla di nea ditloholo tsa hao, mme ditjhaba tsohle tsa lefatshe di tla hlohonolofalla molokong wa hao,


Ditloholo tsa hao di tla ba ka ka lerole la lefatshe; o tla namela bophirimela le botjhabela, le leboya le borwa, mme mefuta kaofela ya lefatshe e tla hlohonolofalla ho wena le ho mofuta wa hao.


Modimo o matla wohle o o hlohonolofatse, o o atise, o o anafatse, o tle o fetohe letshwele la ditjhaba.


wa re ho nna: Bona, ke tla o atisa, ke o anafatse, ke o etse letshwele la ditjhaba, ke o fe lefatshe lena, wena le ditloholo tsa hao kamorao ho wena, e be lefa la kamehla.


Empa ke tla hlaba selekane sa ka le wena, mme o tla kena arekeng, wena, le bara ba hao, le mosadi wa hao, le basadi ba bara ba hao hammoho le wena.


Mme mohlanka wa hao o hara setjhaba sa hao seo o se kgethileng; ke setjhaba se seholohadi, se ke keng sa lekanngwa, se ke keng sa balwa ka baka la bongata ba batho ba sona.


Empa Jehova a hauhela Baiseraele, a ba rekolohela, a retelehela ho bona ka baka la selekane sa hae le Abrahama, le Isaaka, le Jakobo, a se ke a rata ho ba timetsa, kahobane a ne a eso ho rate ho ba lahlela hole le yena.


Ka ba fetola, ka re ho bona: Modimo wa mahodimo ke wona o tla re atlisa; ka baka leo, rona re leng bahlanka ba wona, re se re ya tsoha, re haha; haele lona, ha le na kabelo, leha e le tokelo, leha e le keletso Jerusalema.


Wa atisa bana ba bona, ba eba ka ka dinaledi tsa lehodimo, mme wa ba kenya lefatsheng leo o neng o boleletse bontata bona hore ba tla kena ho lona, ba le rue.


A ba hlohonolofatsa, a ba ngatafatsa haholo, ha a ka a fokotsa bongata jwa makgomo a bona.


O itse: Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapantse ho Davida, mohlanka wa ka, ka re:


Mme bana ba Iseraele ba ata, ba ngatafala, ba anafala, ba natlafala haholoholo, mme naha ya Egepeta ya tlala bona.


Modimo wa tadima bana ba Iseraele, mme wa ba hlokomela.


Hape, ka na ka tiisa selekane sa ka le bona ho ba nea lefatshe la Kanana, lefatshe la ho jaka ha bona, leo ba bileng ba ahella ho lona.


Sekehang ditsebe, le tle ho nna! Mamelang, meya ya lona e tle e phele! Mme ke tla le sitsa ka selekane sa kamehla sa mehau e tiileng e baletsweng Davida.


Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.


Ke tla di nea badisa ba di alosang; ha di sa tla tshaba, ha di sa tla thothomela, ha ho ka ke ha hlokahala le e nngwe ya tsona, ho bolela Jehova.


Bitsa ho nna, mme ke tla o araba, ke o bontshe tse kgolo le tse patilweng tseo o sa di tsebeng.


Ke tla etsa selekane le wena, o tle o tsebe hoba ke nna Jehova;


Bonang, ke fela ke ya tla ho lona, ke retelehele ho lona; le tla lengwa, le be le jalwe.


ha le nyedisa melao ya ka, mme le tenwa ke dikahlolo tsa ka; ha le sa ye ka melao ya ka, mme le roba selekane sa ka,


hore a hauhele bontata rona, mme a hopole selekane sa hae se halalelang,


Jehova o tla etsa hore dintho tsohle di tlale ho wena, ka ho atisa bana ba hao, le tse tswalwang ke makgomo a hao, le tse behwang ke naha ya hao, e leng lefatshe leo Jehova a anetseng bontatao hore o tla o nea lona.


Bana ba hao ba tla hlohonolofatswa, le dijo tse behwang ke lefatshe la hao, le tse tswalwang ke makgomo a hao le katiso ya dikgomo tsa hao, le dikonyana tsa manku a hao.


O tla o rata, a o hlohonolofatse, mme a o atise; o tla hlohonolofatsa ditholwana tsa popelo le tsa mobu wa hao, koro ya hao, le veine e ntjha ya hao, le ole ya hao, le ho tswalwang ke dikgomo tsa hao, le dikonyana tsa dinku tsa hao lefatsheng leo a anetseng bontatao, a re, o tla o fa lona.


e seng jwaloka selekane seo ke neng ke se etse le bontata bona, mohla ke ba tshwereng ka letsoho, ka ba ka ba ntsha naheng ya Egepeta; hobane ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa ka, mme ke ba lahlile ke hona, ho itswalo ke Morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos