Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 26:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Le tla lelekisa dira tsa lona, mme di tla dihuwa ke lerumo pela lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Le tla lelekisa dira tsa lona, mme le tla di bolaya ka sabole.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:7
13 Referencias Cruzadas  

Eitse ha bana ba Ammone ba bona hobane Basiria ba balehile, le bona ba baleha pela Abishai, ngwanabo Joabe, mme ba kena hae motseng. Joabe yena a boela Jerusalema.


Bajuda ba bang, ba leng dinaheng tsa morena, ba phutheha le bona, mme ba lwanela bophelo ba bona; ba bona phomolo ho dira tsa bona, mme ba bolaya batho ba dikete tse mashome a supileng a metso e mehlano hara ba ba hloileng, empa ha ba ka ba hapa letho.


Ba hloyang Jehova ba ka be ba ipea katlasa hae, mme tjhaba sa ka se ne se tla bona lehlohonolo le sa feleng!


Haele ba ho lona ba tlang ho pholoha, ke tla ba etsa makwala dinaheng tsa dira tsa bona: mohwaso wa lehlaku le tsokotswang o tla ba balehisa, jwalokaha ho balehuwa pela lerumo, mme ba tla wa, leha ho se motho ya ba lelekisang.


Ke tla etsa kgotso naheng ya lona; le tla robala ho se motho ya le tsosang; ke tla fedisa dibatana tse harolang, mme lerumo le ke ke la feta ka naha ya lona.


Ba bahlano ho lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ho lona ba tla lelekisa ba dikete tse leshome; mme dira tsa lona di tla dihuwa ke lerumo pela lona.


Jehova o tla etsa hore dira tsa hao tse o tsohelang matla di hlolwe pontsheng ya hao; di tla le futuhela di etla ka tsela e le nngwe, mme di tla le balehela ka tsela tse supileng.


Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?


Monna a le mong wa lona o lelekile ba sekete se seng, hobane Jehova, Modimo wa lona, ke yena ya le lwanelang, jwalokaha a le baletse.


A bona mohlahare o motala wa esele, a isa letsoho, a o tshwara, mme a bolaya batho ba sekete ka wona.


Barake a phallela makoloi le makgotla ho ya fihla Haroshethe-Gojime; mme makgotla kaofela a Sisera a bolawa ka bohale ba lerumo, ho se ke ha phonyoha motho le a mong.


Banna ba Iseraele ba ha Nefthali, le ba ha Asere, le bohle ba ha Manasse ba hlabelwa mokgosi mme ba phallela Bamidiane.


Jonathane a nyoloha a kgasa ka maoto le ka matsoho, lehlahana la hae le mo setse morao, mme Bafilesta ba wa pela Jonathane, mme lehlahana la hae la ba bolaya le le kamora hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos