Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 3:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A ho tsohe, a ho tle ditjhaba kgohlong ya Josafate; hobane teng ke tla dula ho ahlola ditjhaba tsohle tse ka mathoko!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Ditjhaba di ke di itokise, di theohele ka Kgohlong ya Jehoshafate; ke tla dula kateng, ke di ahlole, ke ahlole tjhaba tsohle tse phuthehileng.

Ver Capítulo Copiar




Joele 3:12
17 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi la bone, ba phuthehela sekgutlong sa Beraka, mme teng ba boka Jehova; ke kahoo sekgutlo seo se reilweng lebitso la Beraka (poko), le kajeno ke lona.


Tsoha, Jehova! ka bohale ba hao o phahamele ho itshena ha bao e leng dira ho nna! Tsoha, o nkemele, o laele kahlolo!


Hobane o ya tla ho ahlola lefatshe. O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


O tla ahlola lefatshe ka ho loka, le ditjhaba ka nnete ya hae.


Jehova o tla ahlolela ditjhaba, a laye mefuta e mengata, mme ba tla tea diphehla tsa bona tsa ntwa mehoma, le marumo a bona ba a tee disekele; setjhaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho lwana.


Boporofeta hodima sekgutlo sa dipono: Taba ke dife, ha batho ba hao kaofela ba hlweletse hodima matlo,


Jehova o itlhahisa ho tseka, o ema ho ahlola ditjhaba.


Efela tshiu eo e haufi: e, e haufi, tshiu ya Jehova; e tla ba tshiu e lefifi, e tla ba tshiu ya ditjhaba.


Tsatsing leo, ke tla nea Gogo setsha sa mabitla Iseraeleng, kgohlong ya baeti, ka nqa botjhabela ho lewatle, mme se tla thiba tsela ya baeti. Ke hona moo ho tla epelwa Gogo le bongata bohle ba hae, lebitso la teng le tla rewa Kgohlo ya bongata ba Gogo.


Matshwele, matshwele a teng a lehlanahlana kgohlong ya kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng kgohlong ya kahlolo.


ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele kgohlong ya Josafate; ke tla tseka teng le bona ka baka la Iseraele, setjhaba sa ka le lefa la ka, eo ba mo qhalantseng hara ditjhaba, ba ba ba arola naha ya ka.


Mme Jehova o tla ahlolela ditjhaba tse ngata, a kgalemele merabe e matla, ho isa hole. Ka disabole tsa bona ba tla tea mehoma, ka marumo a bona ba tee disekele; setjhaba se seng se ke ke sa hlola se tsohela setjhaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntwa.


Maoto a hae a tla ema, ka tsatsi leo, hodima thaba ya Mehlwaare e pela Jerusalema ka nqa botjhabela; mme thaba ya Mehlwaare e tla petsoha, ho qala ka bohare ho isa nqa botjhabela le nqa bophirimela, ho be ho hlahe kgohlo e kgolohadi; karolo e nngwe ya thaba e tla suthela nqa leboya, e nngwe e suthele nqa borwa.


Yaba ke bona lehodimo le bulwa, mme ha hlaha pere e tshweu, mme ya e kaletseng o bitswa Motshepehi le Wa nnete; o ahlola, o lwana ka ho loka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos