Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 3:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Itlhahaneleng, le tle, lona ditjhaba tsohle tse kamathoko, le phuthehe! Wena Jehova, theolela dinatla tsa hao teng!

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Lona ditjhaba tsohle, phallang, kgobokanang, le phuthehele ka Kgohlong!’ ” Morena, laola bahale ba hao ba theohe.

Ver Capítulo Copiar




Joele 3:11
14 Referencias Cruzadas  

Bokang Jehova, lona mangeloi a hae, bahale ba matla, ba phethang lentswe la hae, ba mamelang molomo wa hae!


O tla rema boteteano ba moru ka tshepe, Lebanone o tla dihuwa ke Ya matla.


Ke laotse bakgethwa ba ka, ke bitsitse le bahale ba ka, ba tle ba etse phetetso ya ka, e leng ba thabelang boholo ba ka.


Mme lengeloi la Jehova la tswa, la bolaya batho ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi a metso e mehlano diahelong tsa Baassiria. Yare ha ho tsohuwa hosasane, e be e se e le ditopo feela tse sa utlweng.


ke tla phutha ditjhaba tsohle, ke di theolele kgohlong ya Josafate; ke tla tseka teng le bona ka baka la Iseraele, setjhaba sa ka le lefa la ka, eo ba mo qhalantseng hara ditjhaba, ba ba ba arola naha ya ka.


Empa ha di tsebe mehopolo ya Jehova, ha di utlwisise morero wa hae, hobane o di bokeletse jwaloka mangata a seotlong.


Ka baka leo, ntebelleng he, ho bolela Jehova, tsatsing leo ke tlang ho ema ka lona ho hapa, hobane ke rerile ho phutha ditjhaba le ho bokella mebuso, ke tle ke tshollele hodima yona kgalefo ya ka, ho tuka hohleha bohale ba ka; hobane ka mollo wa poulelo ya ka lefatshe lohle le tla tjheswa.


mme lona ba tshwenngwang, le etsetswe phomolo le rona, mohla Morena Jesu a bonahalang a etswa lehodimong, le mangeloi a matla a hae,


Makgotla a lehodimo a mo latela, a kaletse dipere tse tshweu, a apere lene e ntle e tshweu, e hlwekileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos