Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 3:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le hate, hobane sehatelo se tletse, dinkgo di bile di a kgaphatseha; hobane bolotsana ba bona bo boholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Akgelang sekele, hobane mabele a butswitse. Tloong, le tlo hatakela morara, hobane setlhotlelo sa morara se tletse; merifi e tletse, e a kgaphatseha, hobane bokgopo ba tsona bo totile!”

Ver Capítulo Copiar




Joele 3:13
14 Referencias Cruzadas  

Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.


Empa bona ba tla kgutlela kwano ka leloko la bone, hobane ho fihlela moo, bokgopo jwa Baamore bo ya be bo eso ho tlale.


Yaba Jehova o re: Erekaha mohoo o tswang Sodoma le Gomora o le moholo, mme sebe sa bona se atile haholo,


Ho tla ba jwaloka mohla mokotudi a tshwarang ditlhaka tsa koro, mme letsoho la hae le hela diqwapi, le jwaloka mohla ho tholwang diqwapi sekgutlong sa Refaime.


Ke hatetse ke nnotshi sehatelong, ha ho motho hara ditjhaba ya ntlatsitseng; ke di hataketse kgalefong ya ka, ke di pitlile bohaleng ba ka; madi a tsona a tshetse diaparo tsa ka, mme kobo ya ka e bile matheba kahohle.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Moradi wa Babilona o jwaloka seotlo ka nako eo ho polwang ho sona; ho sa le motsotso o se okae, ho ntoo ba nako ya kotulo ho yena.


Morena o nyedisitse dinatla tsa ka kaofela ka ha eso, o memile ntwa ho robakanya bahlankana ba ka; Morena o hatile morwetsana, moradi wa Juda, sehatelong.


Le wena Juda, o lokiseditswe kotulo, mohla ke lokollang setjhaba sa ka kgolehong ya sona.


sera se o jadileng ke Diabolose; kotulo ke bofelo ba lefatshe; bakotudi bona ke mangeloi.


mme dijo ha di butswitse, a phakise a kenye sekele; hobane kotulo e fihlile.


O tla bala diveke tse supileng, o qale ho bala diveke tse supileng hona ka nako eo o kenyang sekele korong ya hao ka yona;


Jwale ka tadima, mme ka bona leru le lesweu, mme e mong ya kang mora motho a dutse hodima leru, a rwetse moqhaka wa kgauta hloohong, mme a nkile sekele e bohale letsohong la hae.


Sabole e bohale e tswa molomong wa hae, a tle a otle ditjhaba ka yona; o tla di alosa ka lere la tshepe; mme ke yena ya tla hatisa sehatelong sa veine ya bohale le ya kgalefo ya Modimo o matla wohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos