Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 14:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 O a mela, o kgaolwa jwaloka palesa, o feta jwaloka seriti, mme ha a hlole a eba teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 o fupuha jwaloka palesa a be a pone, o baleha jwaloka seriti, ebe o nyametse.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 14:2
21 Referencias Cruzadas  

Re basele pela hao, re bajaki jwaloka bontata rona kaofela; ditshiu tsa rona lefatsheng e ka moriti; mme ho dula ha ho yo.


O jwaloka sefate sa morara se lahlang ditholwana tsa sona di sa le tala, le jwaloka mohlwaare o hlohlorang dipalesa tsa wona.


Ho nka hosasa ho fihlisa mantsiboya, ba thuhakanngwa, ba timela ka ho sa feleng, ba sa lemohuwe.


hobane rona re ba maobane, ha re na tsebo, etswe matsatsi a rona lefatsheng e le moriti feela.


Matsatsi a ka a jwaloka moriti o otlolohang, ke omella jwaloka jwang.


Empa wena, Jehova, o hlola ka ho sa feleng, mme lebitso la hao le tla hopolwa melokong le melokong.


Ka baka la ho bokolla ha ka, masapo a ka a kgomaretse dinama tsa ka.


Motho o tshwana le pudulo, mme matsatsi a hae a ka leswiti le fetang.


Hobane, jwaloka jwang, ba ya phakisa ba helwe, ba se ba ya pona jwaloka motalane.


Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)


Mme jwale, Morena, seo nka se lebellang keng? Tshepo ya ka e ho wena.


Ba lokileng ba mela jwaloka sefate sa palema, ba hola jwaloka kedare ya Lebanone.


Leha banyefodi ba mela eka meroho, le ba bolotsana kaofela ba atleha, ke hore ba senyehe ka ho sa feleng.


Molotsana yena ho ke ke ha dula hantle le yena, mme a ke ke a atelwa ke matsatsi. O tla feta jwaloka leswiti, hobane ha a ka a tshaba ho etsa hampe pela sefahleho sa Modimo.


athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela.


Hobane nama yohle e jwaloka jwang, mme kganya yohle ya motho e jwaloka palesa ya jwang. Jwang bo ye bo omelle, mme palesa ya jona e we;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos