Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 14:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Motho ya tswetsweng ke mosadi o na le matsatsi a se makae, mme o kgotshe ditsietsi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 “Motho ya tswetsweng ke mosadi o phela hakgutshwanyane, bophelo ba hae bo aparetswe ke ditsietsi;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 14:1
20 Referencias Cruzadas  

A re ho Adama: Erekaha o utlwile lentswe la mosadi wa hao, mme wa ja sefate seo ke o laetseng sona, ka re: O se ke wa se ja; lefatshe le rohakilwe ke hona ka baka la hao, mme o tla ja tsa lona ka thata, ka matsatsi wohle a ho phela ha hao;


Jakobo a re ho Faro: Ditshiu tsa ho jaka ha ka ke dilemo tse lekgolo le mashome a mararo; ditshiu tsa ho phela ha ka di bile kgutshwanyane, di bile mpe, mme ha di a fihla ditshiung tsa dilemo tsa bontate mehleng ya ho jaka ha bona.


Teng a re ho ntatae: Jo! hlooho ya ka! hlooho ya ka! Yena a re ho mohlankana e mong: Mo ise ho mmae.


Matsatsi a ka na ha a makaenyana na? Ha ho le jwalo, lesa, o ntlohele, ke tle ke boele ke ele sefahleho hanyenyane,


Motho keng, hore a hlweke, le ya tswetsweng ke mosadi keng, hore a loke?


Le jwale, motho a ka loka jwang pela Modimo? Ngwana wa mosadi a ka hlweka jwang na?


Ha esita le kgwedi e se ntho e kganyang, le dinaledi di sa hlweka pela mahlo a wona,


motho o tswaletswe maswabi, jwaloka hlase ho qhoma.


Bophelo ba motho lefatsheng ke ntwa; matsatsi a hae a jwaloka matsatsi a motho ya thotsweng.


Tshiu tsa ka di pomilwe kapele ho fetisa lesika leo molohi a lohang ka lona; di fela ho se tshepo e ntshaletseng.


hobane rona re ba maobane, ha re na tsebo, etswe matsatsi a rona lefatsheng e le moriti feela.


Matsatsi a ka a ikela kapele ho fetisa ya lebelo; a baleha a eso ho bone leseho:


Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)


Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!


Bona, ke tswaletswe bokgopong, mme o nkemoletse sebeng.


Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!


Ka ba ka ila bophelo ke ho kgathatswa ke mesebetsi yohle e etswang tlasa letsatsi; ruri tsohle ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Hobane matsatsi wohle a hae ke a nang le mahloko, mme mosebetsi wa hae ke o nang le maswabi; esita le bosiu, pelo ya hae ha e phomole. Hoo le hona ke lefeela.


Ke ne ke tswelang popelong, hore ke tle ke bone ho kgathala le ho swaba? Hobane ditshiu tsa ka di ye di fete ka dihlong.


Ke re ho lona: Kannete, hara ba tswetsweng ke basadi, ha ho e moholo ho Johanne Mokolobetsi; empa e monyenyane mmusong wa mahodimo o moholo ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos