3 Ke yena eo o mo tjamelang; ke nna eo o mo isang tsekong le wena!
3 Jwale o tjamela ya jwalo ka eo? O ntlisa kapele ho wena ho nkahlola?
Na o rata ho roba lehlaku le fefolwang, leha e le ho phallela mooko o omeletseng na?
Ho ya kang ha o tshwasitse maoto a ka ka difate, leha e le ho hlwela dika tsa ka kaofela le ho dikadiketsa bohato ba maoto a ka;
Na o ya o laya ka hobane o a mo tshaba, kapa na a ka isana kahlolong le wena na?
Hobane hase motho ya jwaloka nna hore ke fetolane le wona, mme re isane kahlolong le wona.
o se ke wa isana nyeweng le mohlanka wa hao, hobane ha ho motho ho ba phelang ya ka fumanwang a lokile pela hao.
Jehova, motho keng, ha o tla mo tseba, le ngwana motho, ha o tla mo hlokomela?
Na motho keng, ha o tla mo hopola? le mora motho keng, ha o tla mo hlokomela?
Jwale, re tseba hobane tsohle tse bolelwang ke molao, di bolellwa ba molaong; hore melomo yohle e tle e thijwe, mme batho bohle ba be molato pela Modimo.