Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Mofuthu o a tjha, loto e qetwa ke mollo; moqhibidisi o qhibidisa feela hobane ba babe ha ba tloswe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 Mofutho o futha haholo, loto e fella hara mollo; mohlwekisi o sebeletsa lelea: Ba kgopo ha ba ke ba tshekeha.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:29
12 Referencias Cruzadas  

Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.


Empa ka re: Ke sebeleditse lefeela, ke qetile matla a ka feela, ke sa rue letho; empa tokelo ya ka e ntshwanelang e ho Jehova, le moputso wa ka o ho Modimo wa ka.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Ha o boela ho nna, ke sa tla be ke o kgutlise, o tle o eme pela ka; ha o kgetha se leng setle ho se leng sebe, o sa tla ba jwaloka molomo wa ka. Bona ba tla boela ho wena, empa wena, o se ke wa boela ho bona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke tla ba lekola, ke ba leke; hobane nka be ke etsa jwang bakeng sa moradi wa setjhaba sa ka?


E hohletswe haholo; leha ho le jwalo, mafome a yona ha a tlohe; mafome a yona a hlola mollo.


Bohlola bo teng ditshileng tsa hao, athe ke o hlatswitse, mme leha ho le jwalo, ha o a hlweka; ha o sa tla hlakolelwa ditshila tsa hao, ho fihlela ke kgodisa kgalefo ya ka ka wena.


Setjhaba sa ka se tiiseditse ho nkwenehela; leha ba biletswa hodimo, ha ho le a mong ya emisetsang pelo ya hae teng.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


Baratuwa, ha ho ena le ho kang mollo hara lona hore le lekwe ke wona, se makaleng jwaloka hola le hlahetswe ke ntho e ka tsotwang;


Mika a busetsa tjhelete tseo ho mmae, mme mmae a nka dishekele tse makgolo a mabedi, a di nea setsholli; sa di etsa setshwantsho se betlilweng le setshwantsho se tsholotsweng, mme tsa dula tlung ya Mika.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos