Ebile moo Jehova a lahlang moloko wohle wa Iseraele, a ba kenya matshwenyehong, a ba neela matsohong a bahlorisi, a ba a ba lahlela hole le sefahleho sa hae.
Ba tla nne ba tshwarwe ke tshoho e mpe, moo lebaka la ho tshoha le leng siyo. Ka baka leo, Modimo o tla qhalanya masapo a ba o tsohelang matla; ba tla tsielehiswa, hobane Modimo o ba lahlile.
Na o lahlile Juda ruri, kapa pelo ya hao e tennwe ke Sione na? O re otlile keng, ho se phodiso ho rona? Re lebeletse kgotso, empa ha re bone molemo; le nako ya phodiso, empa bonang, ho a tshabeha.
Setjhaba sena, leha e le moporofeta, kapa moprista, ha ba o botsa, ba re: Tshenolo ya Jehova keng? O ke o ba bolelle seo tshenolo e leng sona, o re: Ke tla le lahla, ho bolela Jehova.
Jwale, ke re: Ana Modimo o lahlile setjhaba sa wona na? Tjhe, ho se ke ha thualo! Hobane le nna ke Moiseraele, wa mofuta wa Abrahama, wa leloko la Benjamine.