Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:30 - BIBELE

30 Ba tla bitswa silefera e lahlilweng, kahobane Morena o ba lahlile.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ba tla bitswa silefera e kgesitsweng, hobane Jehova o ba kgesitse.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:30
16 Referencias Cruzadas  

Morena a furalla ditloholo tsohle tsa Baiseraele, a di hlokofatsa, a neelana ka tsona matsohong a batlatlapi ba tsona, ho fihlela a di lelekela hole le sefahleho sa hae.


Bohle ba lefatshe ba kgopo o ba tadima e le manya, kahoo ke rata ditemoso tsa hao.


Na baa bohle ha ba na tsebo, baa ba etsang tse sa lokang baa ba itjellang setjhaba sa ka, jwalokaha ba eja bohobe, ba sa ipiletse ho Modimo?


Hlwekisa silefera ka ho e ntsha manya, lelala le tle le tsebe ho bopa nkgo ka yona.


Silefera ya wona e fetohile manya, veine ya wona e hlapolotswe ka metsi.


Letsoho la ka le tla o lwantsha, ke o hlatswisise manya a hao, ke fedise ho se hlweke ha hao.


“Na o fela o lahlile Juda ho hang? na o fela o se o nyonya Sione? Ke hobaneng ha o re otlile, re se na pheko? Re ne re lebeletse kgotso, empa molemo ha re o fumane; re ne re lebeletse nako ya ho fodiswa, empa re bona ditsietsi feela!


“Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: ‘Molaetsa wa Morena ke ofe?’ Wena o tle o re ho bona: ‘Molaetsa oo ke lona! Ke tla qetella ke le lahlile,’ ho rialo Morena.


Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia, le etswa ho Morena, le re:


“ ‘Wena Jerusalema, beola moriri wa hao, o o lahle, bina kodi-ya-malla hodima maralla, hobane Morena, ka baka la kgalefo ya hae, o lahlile, a furalla moloko o mo halefisitseng.


Kapa ebe o so re lahletse ruri? Kgalefo ya hao ha e sa na moedi?


Modimo wa ka o tla ba furalla, hobane ha ba a ka ba mo mamela; ba tla fetoha baleleri hara baditjhaba.


Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.


“Le letswai la lefatshe, empa ha letswai le ka tapa, le ka tswaifatswa kang? Ha le sa na thuso, haese hore le lahlelwe kantle, le hatakelwe ke batho.


Jwale ke a botsa: Na Modimo o lahlile setjhaba sa hae na? Le kgale! Le nna ke Moiseraele, ke setloholo sa Aborahama, ke wa leloko la Benjamine.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos