Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 6:29 - BIBELE

29 Mofutho o futha haholo, loto e fella hara mollo; mohlwekisi o sebeletsa lelea: Ba kgopo ha ba ke ba tshekeha.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Mofuthu o a tjha, loto e qetwa ke mollo; moqhibidisi o qhibidisa feela hobane ba babe ha ba tloswe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:29
12 Referencias Cruzadas  

Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona e hlwekiswa ka sebopi sa yona; athe dipelo tsona di hlahlojwa ke Morena.


Yaba nna ke re: “Ke sebeleditse lelea, ka fufulellwa ntata selala. Empa se ntshwanelang se ka atleng sa Morena, moputso wa ka o ho Modimo wa ka.”


Ka baka leo, Morena o bua tjena: “Haeba o ka baka ke tla o busetsa tulong tsa hao, haeba o bua polelo tse ntle e seng tsa mafeela, e tla ba wena molomo wa ka, o ntshebeletse, tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao, e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.


Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba hlwekisa ke be ke ba tsheke, hoba tjhaba sa ka nka se tlohela jwang?


Matsapa wohle a lekilwe, a hlotswe, e kganathetse mafoome, a hana ho tloha, ke mollo feela o ka tsebang ho a tlosa.


“ ‘Ditshila tsa hao ke bokgopo, hobane ke lekile ho o hlwekisa, empa ditshila tseo tsa hao ha di a ka tsa tloha. O ke ke wa hlola o hlweka ho fihlela kgalefo ya ka e kokobela.


Tjhaba sa ka se itheretse ho mphuralla; leha se ka ipiletsa ho Ya Hodimodimo, ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.


Ena ya boraro e tla feta hara mollo, ke e hlwekise sa silefera ha e hlwekiswa, ke e hlahlobe sa kgauta ha e hlahlojwa. Tjhaba sa ka se tla ipiletsa ho nna, jwale nna ke tla se araba, ke re: ‘Sena ke sona setjhaba sa ka,’ mme sona se tla bolela, se re: ‘Morena ke yena Modimo wa rona.’ ”


Kahoo tumelo ya lona e tla bonahala e le ya sebele, ya bohlokwahadi ho feta kgauta e senyehang, leha le yona e lekwa ka mollo. Tumelo eo e tla le fumantsha thoriso, tlotla le hlompho, mohla Jesu Kreste a bonahatswang,


Baratuwa, le se ke la makala ha le le hara mollo wa teko, jwalokaha eka ke mohlolo.


Ha Mmika a kgutliseditse tjhelete eo ho mmae, mmae a ntsha tjhelete ya silefera e ka etsang boima ba dikilo tse pedi le halofo, a e nea lelala, mme lona la etsa setshwantsho se betlilweng, le setshwantsho se bopilweng, mme tsena tsa iswa ka tlung ya Mmika.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos