Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa ke tla o namolela tsatsing leo, ho bolela Jehova, o ke se ke wa neelwa matsohong a batho bao o ba tshabang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

17 Empa ka lona letsatsi leo, ke tla o pholosa, ho rialo Morena. Ha ho ka ke ha neelanwa ka wena matsohong a bao o ba tshabang.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:17
16 Referencias Cruzadas  

Kamora taba tsena, lentswe la Jehova la fihla ho Abrame ka pono, la re: Se tshabe, Abrame; ke nna thebe ya hao, mme moputso wa hao o tla ba moholoholo.


Davida a re ho Gade: Ke tsielehile haholo; a re mpe re wele matsohong a Jehova, etswe mehauhelo ya hae e le mengata; ke se ke ka wela matsohong a batho.


Elia a re: Ka Jehova wa makgotla ya phelang, eo ke emeng pela hae, ke fela ke tla itlhahisa ho yena kajeno.


Ebile Obadia o ya kgahlanyetsa Akabe, a mo tsebisa; mme Akabe a tla ho kgahlanyetsa Elia.


Eo a re: Se tshabe, hobane ba nang le rona ba feta ba nang le bona ka bongata.


O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!


Ba tla o lwantsha, empa ba ke ke ba o hlola, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


Shefathia, mora Matthane, le Gedalia, mora Pashkure, le Jukale, mora Shelemia, le Pashkure, mora Malkia, ba utlwa mantswe ao Jeremia a neng a ntse a a bolella setjhaba kaofela, a re:


Monga ka, morena, batho bao ba entse hampe ha ba entse moporofeta Jeremia jwalo, ba mo lahletse lemeneng; o se a ya shwa ke tlala moo a leng teng, hobane ho se ho se le bohobe motseng.


Yaba Daniele, ka taelo ya morena, o a tliswa, a akgelwa lemeneng la ditau. Morena a bua, a re ho Daniele: Modimo wa hao, oo o o sebeletsang ka tiisetso, o ke o o namolele!


Morena o tla ba araba, a re: Kannete ke a le bolella, ke re: Tseo le di entseng e monyenyane ho baena ba ka, le di entse nna.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos