Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Eya, o bolelle Ebede-Meleke, Moethiopia, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bona, ke ya etsahatsa mantswe a ka bakeng sa motse ona ka bobe, e seng ka molemo, a tla etsahala pontsheng ya hao, tsatsing le itseng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 “Tsamaya, o yo bua le Ebede-Meleke wa Mokushe, o re ho yena: ‘Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Bona, ke tla phethahatsa lentswe la ka malebana le motse ona. Ke tla o dihela koduwa, e seng katleho. Tsena di tla phethahatswa moo o ntseng o bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:16
24 Referencias Cruzadas  

hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, ho fihlela lefatshe le phetha Disabatha tsa lona; la fela la lala ka motsotso wohle oo le ileng la etswa nahathothe ka wona, hore ho be ho phethehe dilemo tse mashome a supileng.


bahanyetsi ba ka ba tla thabisa mahlo a ka, ditsebe tsa ka di utlwe tshenyeho ya ba bolotsana, ya ba mphahamelang.


Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.


Mikea wa Moreshethe o kile o porofeta mehleng ya Esekiase, morena wa Juda, mme a nna a bolella setjhaba kaofela sa Juda, a re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema e be qubu ya majwe, thaba ya ntlo e be thota ya moru.


Le hona motho o ne a le teng ya porofetang ka lebitso la Jehova, e leng Uria, mora Shemaia, wa Kiryathe-Jearime; o ne a ntse a porofeta bakeng sa motse wona le sa fatshe lena, kahohle jwaloka mantswe a Jeremia.


Bonang, ke a laela, ho bolela Jehova, mme ba tla boela ho motse ona, ba o lwantshe, ba o hape, ba o t hese ka mollo, le metse ya Juda ke e etse lefeella le sa neng baahi.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya hlahisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, kahobane nkile ka bua le bona, mme ha ba ka ba utlwa; nkile ka ba bitsa, mme ha ba ka ba araba.


Ke tla mo otla yena le lesika la hae le bahlanka ba hae ka baka la bokgopo ba bona, ke ba hlahisetse e le bona, le baahi ba Jerusalema, le ba ntlo ya Juda, bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, ba mpa ba sa ka ba utlwa.


Mme Jehova o bo hlahisitse, o entse kamoo a neng a boletse kateng, kahobane le sitetswe Jehova, mme ha le a ka la mamela lentswe la hae; ke moo le hlahetsweng ke taba tseo.


Bonang, ke tla ba lebela ka bobe, e seng ka molemo, mme Bajuda bohle ba tla timetswa lefatsheng la Egepeta ke lerumo le tlala, ba be ba fele.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla: Erekaha le boletse taba eo, bona, lentswe la ka ke tla le etsa mollo molomong wa hao, setjhaba sena e be lehong, o tle o ba timeletse.


O tiisitse ditaba tseo o di boletseng hodima rona, le hodima baahlodi ba rona, ba neng ba re ahlola, ka ho tlisa bobe bo boholo hodima rona, boo ho esong ho etsahale tlasa lehodimo lohle bo jwaloka bo hlahetseng Jerusalema.


leha ba ya kgolehong, ba qhojwa ke dira tsa bona, le teng ke tla laela lerumo hore le ba bolaye; mme ke tla ba tjamela ho ba etsa hampe, e seng ho ba etsa hantle.


Leha ho le jwalo, mantswe a ka le dikahlolo tsa ka tseo ke neng ke di laetse bahlanka ba ka, baporofeta, na ha di a ka tsa fihlela bontata lona? Ba ba ba kgutla, ba re: Kamoo Jehova wa makgotla a neng a hopotse ho re etsa kateng, e leng ka metsamao ya rona le ka diketso tsa rona, o fela a re entse jwalo.


Lehodimo le lefatshe di tla feta, empa dipolelo tsa ka di ke ke tsa feta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos