Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane ke tla o namolela, o ke ke wa wa ke lerumo, mme bophelo ba hao e tla ba kgapo ya hao, hobane o hlile o itshepetse nna, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Ruri ke tla o pholosa, o ke ke wa bolawa ka sabole. O tla pholoha, hobane o ntshepile, ho rialo Morena.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:18
19 Referencias Cruzadas  

Ba ya ba tlatsitswe, mme Bahagarene ba neelwa matsohong a bona, le bohle bao ba neng ba na le bona; hobane bao ba ne ba howeleditse ho Modimo ba le ntweng, mme wa ba utlwa, ke hobane ba ne ba beile tshepo ya bona ho wona.


Tlaleng o ya o boloka, o se ke wa shwa, ntweng a o pholose bohaleng ba lerumo.


Jehova o kgahliswa ke ba mo tshabang, ba itshepelang mohau wa hae.


Akang Mora, a se tlo halefa, mme la timela tseleng ya lona, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tshepo ya bona ho yena!


Bonang, mahlo a Jehova a hodima ba mo tshabang, ba tshepang mohau wa hae,


Jehova o lopolla bophelo ba bahlanka ba hae; bohle ba mo tshepang ba ke ke ba tsuwa.


O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.


Jehova wa makgotla, ho lehlohonolo motho ya o tshepang!


Leha batho ba ka wa ba le sekete lehlakoreng la hao, ba le diketekete letsohong la hao le letona, wena, lefu le ke ke la o atamela.


Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile.


Ya ka salang motseng ona, o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu la sewa; empa ya tswang ho ya ipea ho Bakalde ba le thibeletseng, o tla phela; bophelo ba hae e tla ba kgapo ya hae.


Ho itswe ke Jehova: Ya salang motseng ona o tla shwa ke lerumo, kapa ke tlala, kapa ke lefu le sewa; empa ya tswelang ho Bakalde o tla phela, mme bophelo ba hae o tla ikgapela bona, a tle a nne a phele.


Ka baka leo, bohle ba sitilweng ba se na molao, ba tla timela ho se molao; mme bohle ba sitilweng ba ena le molao, ba tla ahlolwa ke molao.


re tle re be thoriso ya kganya ya hae, rona ba tshepileng Kreste pele.


ba dumetseng ka yena ho Modimo, o mo tsositseng bafung, wa ba wa mo tlotlisa, hore tumelo ya lona le tshepo ya lona di be ho Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos